LEFAPHA LA NTSHETSOPELE YA SETJHABA
Melawana ya tsamaiso e ntle ya
MEKGATLO EO E SENG YA PHAHELLO
ya Afrika Borwa
E phatlaladitswe ho ya ka temana ya 6 (b)(I) ya Molao wa Mekgatlo eo e seng ya phahello (Molao wa 71 wa 1997)
Melawana ya tsamaiso e ntle ya
Mekgatlo eo e seng ya phahello ya Afrika Borwa
DIKAHARE
LEQEPHE
- Sepheo ka melawana ena
- Tlhaloso ya mantswe le mareo
Karolo ya A: Boetapele le tsamaiso mokgatlong oo e seng wa phahello
- Selelekela
- Lekgotla la taolo
- Tsamaiso ya ditjhelete
- Boitshwaro bo botle le boikarabelo
Karolo ya B: Pokeletso ya ditjhelete le ho batla mehlodi
- Selelekela
- Boitshwaro ho ba sebetsanang le pokelletso ya matlole
- Boikarabelo ba mmokelletsi wa matlole
- Ho hira mmokelletsi wa matlole wa ka ntle
- Ho hira moeletsi ya pokelletsong ya matlole
Karolo ya C: Seabo le boikarabelo ba Bafani le Batshehetsi ka ditjhelete
- Selelekela
- Moo thuso ya ditjhelete e ka fumanwang Afrika Borwa
- Ke eng e kgothalletsang bafani ho fana?
- Tokodiso ya ditokelo tsa bafani
- Tataiso ya ho fana ka hloko
- Tataiso ya ho etsa dithuso ka nepo
- Ho fana ka ditjhelete ka mokgwa wa tshehetso
- Mehlodi
- Dibuka tse ka balwang
- Ho kenngwa tshebetsong
Melao ya tsamaiso e ntle ya
Mekgatlo eo e seng ya phahello ya Afrika Borwa
SEPHEO KA MELAWANA ENA
Morero ka Molao wa Mekgatlo eo e seng ya phahello wa 1997 ke ho kgothalletsa le ho tshehetsa mekgatlo eo e seng ya phahello phehisong ya yona tekong ya ho thusa ditlhokong tsa setjhaba sa Afrika Borwa se mekgamekga ka ho hlahisa boemo boo ho bona mekgatlo eo e seng ya phahello e ka sebetsang ka katleho; le ho ntshetsa pele bokgoni ba mekgatlo eo e seng ya phahello hore e be balekane ba kgonang le mmuso le dikarolomoruo tsa poraevete phahamisong le tlhokomelong ya ditjhaba le ditikoloho tsa Afrika Borwa; le ho kgothalletsa mekgatlo eo e seng ya phahello ho amohela boikarabelo ba ho nnetefatsa hore e hlokomela le ho boloka maemo a phahameng a tsamaiso: puso e lokileng; botsamaisi bo utlwahalang; keketso ya mehlodi; pokelletso e atlehileng ya ditjhelete; dikamano tse molemo le mmuso; setjhaba se unang molemo ho bafani, batshehetsi ka ditjhelete le ho setjhaba ka kakaretso; tsamaiso e hloko ya mekgatlo ya bona le boitshwaro bo amohelehileng.
Lefapha la Ntshetsopele ya setjhaba le hlahisitse melawana ena ho ya ka tse hlokwang ke Molao wa Mekgatlo eo e seng ya phahello wa 1997 ka mora dipuisano le boemedi ba mekgatlo e mengata eo e seng ya phahello Afrika Borwa yohle. Melao ena ke sephetho sa ponelopele e kopanetsweng ka se bopang tsamaiso e lokileng ho etella pele le ho tsamaisa mekgatlo eo e seng ya phahello ya boholo bo fetanang dikarolong tsa ditabatabelo tse fapaneng, ho shebilwe ka ho qolleha puso, tsamaiso, pokelletso ya ditjhelete hammoho le bafani. Ho tsheptjwa hore ka ho etsa tataiso ena mokgatlo ka mong o ingodisang tlasa Molao wa Mekgatlo eo e seng ya phahello o tla amohela tataiso ena mme o e sebedise molemong wa ona le ho ntshetsa pele karolo eo e seng ya phahello Afrika Borwa yohle.
Le ha ho na le dintlha tse tharo tse toboketswang Molawaneng wa Tsamaiso e ntle dikarolwana tsena di kopantswe tokomaneng e le nngwe. Sena ke ho amohela hore mokgatlo oo e seng wa phahello, o behang ditholwana o una molemo ho kopaneleng boikarabelo ha ba tshwaraneng le ho fana, ho bokelletsa le ho tsamaisa mehlodi e fapaneng. Dikarolo tsena tse tharo ke:
Karolo ya A: Boetapele le botsamaisi ba mekgatlo eo e seng ya phahello
Karolo ya B: Pokelletso ya ditjhelete le Patlo ya mehlodi ya mekgatlo eo e seng ta phahello
Karolo ya C: Seabo sa boikarabelo ba bafani
Molao wa Tsamaiso e lokileng o a akaretsa, empa ha o fane ka maemo a boitshwaro ka botebo. Ba ditulong mekgatlong eo e seng ya phahello ba ikarabella tsamaisong ya mekgatlo ya bona le ho boloka tayo ho ya ka melaotheo ya bona. Ka baka la ho hlokomela hore melawana ena e tla sebediswa ke mefuta e mengata e fapaneng ya mekgatlo eo e seng ya phahello; e sebetsang tlasa maemo a mangata a fapaneng, sengolwa sena se a akaretsa, mme se ngotswe ka mokgwa o etsang hore melawana e utlwahale mme e sebedisehe.
TLHALOSO YA MANTSWE LE MAREO
Leano - Mokgatlo oo e seng wa phahello o ithuela maano ho laola mehato ya ona ditabeng tsa bohlokwa. Leano ka leng le hlahisa tseo mokgatlo o di emetseng mme ke polelo e akaretsang e supang sepheo. Maano a hlakisa dipotso tse mabapi le ka moo mokgatlo o tsamaisang tshehetso ya ona ka teng mehatong e fapaneng nakong ya jwale le e tlang.
Lekgotla la taolo - Sehlopha sa baemedi ba mabatowa a mokgatlo oo e seng wa phahello ba kgethilweng kapa ba memilweng ho sebetsa ka boithaopo e le baetapele ba molao ba mokgatlo oo e seng wa phahello. Lekgotla la taolo le ka fuwa, hara a mang, boemo ba Boto, Boto ya balaodi,
Batsamaisi, kapa Komiti ya Boetapele.
Mofani - Motho kapa mokgatlo o dumelang ho fana ka mehlodi, hangata tjhelete, ka boithaopo ho latela boipiletso bo fapaneng bo entsweng ke mokgatlo oo e seng wa phahello ho tshehetsa mananeo, diprojeke le ditjeho tsa mosebetsi tsa bona.
Mohlanka wa mananeo-Motho ya sebediswang ke mokgatlo oo e seng wa phahello ka mehla, ka dinako tse itseng kapa ka boithaopo ho laola kapa ho tsamaisa lenaneo la tshebeletso le etseditsweng ho fihlela dipheo tsa ona. Ka nako tse itseng, e se hangata, boikarabelo bona bo hirelwa motho kapa kgwebo e ka ntle e fanang ka tshebeletso e jwalo.
Mohlanka e moholo wa
Phethahatso - Motho ya filweng boikarabelo ba ho etella pele mokgatlo oo e seng wa phahello ka nako tsohle kapa e le mosebetsi wa nako tse itseng kapa e le moithaopi. O
behwa ke lekgotla la taolo la mokgatlo oo e seng wa phahello mme o ikarabella lekgotleng leo ditabeng tsohle tsa tshebetso ya letsatsi le letsatsi ya mokgatlo.
Mohlanka ya ikarabellang - Motho ya filweng boikarabelo ba ho tsamaisa ditjhelete tsa mokgatlo oo e seng ya phahello tsa letsatsi le letsatsi. E ka ba mosebetsi wa ka mehla, kapa wa nako tse itseng kapa motho ya fuweng mosebetsi a le ka thoko kapa feme ya batshwari ba dibuka tsa ditjhelete, kapa moithaopi, ho ya feela ka boholo le tharahano ya mokgatlo, kuno le tshebediso ya ona ya ditjhelete.
Moithaopi - Motho ya fanang ka ditshebeletso mokgatlong oo e seng wa phahello le mamaneong a ona a tsamaiso le ho bokella ditjhelete ntle le tefo. Le ha ho le jwalo ditshenyehelo tse tswang mokotleng wa hae di atisa ho buselletswa ke mokgatlo oo e seng wa phahello; mme ka nako tse ding moithaopi o fuwa tefo ya teboho.
Mokgatlo oo e seng wa phahello - Sena ke sehlopha sa batho se kgobokaneng ka sepheo se le seng, mme se dumellana ho etsa lenaneo la molao le tla phethahatsa sepheo sena. Ba sebelletsa sepheo sena mme ha ho ka ba le kuno e fetang ditshenyehelo phahello kuno ena e fetang ditshenyehelo e sebediswa molemong wa sepheo sa bona. Mekgatlo eo e seng ya phahello e tsejwa ka mabitso a mang a kang: Mokgatlo oo e seng wa mmuso, Mokgatlo o thehilweng ka baahi,,
Mokgatlo wa boahi wa setjhaba, Mokgatlo o tswelang setjhaba molemo, Terasete kapa Faondeishene,
Mokgatlo wa Thekolohelo kapa wa Bodumedi.
Molaodi - Motho ya filweng boikarabelo ba ho laola tsamaiso ya mokgatlo oo e seng wa phahello ya letsatsi le letsatsi. E
ka ba mosebetsi wa ka mehla kapa wa nako tse itseng kapa wa boithaopo, ho ya feela ka boholo le tharahano ya mokgatlo.
Molaotheo - Tokomane ya molao e nang le polelo ya maikutlo a lebisitseng ho thehweng ha mokgatlo, ponelopele le merero e batsi ya mokgatlo oo e seng wa phahello. E
Terasete ho ya ka molao wa Taolo ya thepa ya terasete wa
, mme dikhamphaning tse ngodisitsweng tlasa
Temana ya 21 ho hlokahala le Tumellano tsa Mokgatlo.
Mmokelletsi wa matlole - Motho ya sebediswang ke mokgatlo oo e seng wa phahello ka mehla, ka nako tse itseng kapa ka boithaopo ho batlana le mehlodi, hangata, tjhelete ho tshehetsa mananeo, diprojeke le ditjeho tsa tshebetso. Mosebetsi ona o ka boela wa fuwa motho kapa kgwebo e ka ntle e sebetsanang le ho bokella ditjhelete.
Maikemisetso - Ena ke polelo e kgutshwanyane e supang sepheo sa mokgatlo oo e seng wa phahello le ho bontsha lebaka la ho ba teng ha ona. Ha eba mokgatlo oo e seng wa phahello o lokela ho phetha seo o se reretsweng morero wa ona o lokela ho lekolwa botjha kgafetsa.
Motho ya ditulong - Motho ya kgethetsweng ho ba setulong sa matla le boikarabelo ka hara mokgatlo oo e seng wa phahello. E ka ba pusong kapa taolong; ka nako tsohle kapa ka nako tse itseng kapa ka boithaopo.
Motshehetsi -Motho kapa mokgatlo o tshehetsang phatlalatsa mokgatlo oo e seng ya phahello kapa tshebetso kapa mosebetsi o itseng wa ona, hangata e le ho pepesa motshehetsi, dihlahiswa kapa ditshebeletso tysa hae setjhabeng.
Ditjhelete kapa mehlodi e meng e fuwa mokgatlo oo e seng wa phahello phapanyetsanong le monyetla ona.
Setsebi - Mekgatlo e mengata eo e seng ya phahello ha e na mehlodi ya ho hira basebetsi ba nang le botsebi ba ho ntshetsa pele mananeo, ho tsamaisa tshebetso le ho bokelletsa matlole.
Ho a kgonahala ho beha mesebetsi ena matsohong a bathusi ba ka ntle ba hirwang ka konteraka ho fana ka botsebi ba bona mesebetsing e itseng ya nakwana le ya nako tsohle.
Karolo ya A: Boetapele ba tsamaiso mokgatlong oo e seng wa phahello
Selelekela
Ho na le dihlopha tse tharo tse ikgethileng tsa mekgatlo e amang bophelo ba setjhaba demokrasing ya Afrika Borwa.
Sa pele dihlopheng tsena ke mmuso oo ka ona setjhaba sohle se hlahisang bophelo ba sona ba dipolotiki le taolo ya bophelo ba setjhaba. Mmuso o voutelwa ho ba ditulong ka dikgetho; o fana ka ditshebeletso setjhabeng mme mesebetsi ena e thuswa ka ditjhelete tsa lekgetho la motho ka mong kapa la mekgatlo. Kuno ena e tlatselletswa ka thuso ya dinaha tse ding ka mokgwa wa dithuso le dikadimano.
Sehlopha sa bobedi ke sa kgwebo tsa poraevete kapa dikgwebo tse kgolo. Tshusumetso ya sona setjhabeng e utlwahala ha se phethahatsa ditlhoko le ditabatabelo tsa motho ka mong ka ho mo tlisetsa thepa kapa ditshebeletso tseo a di lefellang. Setjhaba se arabela ka ho lefella dihlahiswa le ditshebeletso ka boithaopo mme tshehetsong ena kgwebo e tswela pele ho phethahatsa ditlhoko tsa setjhaba mme ba iketsetsa phahello kgabareng.
Sehlopha sa boraro ke sa mekgatlo eo e seng ya phahello. Sena se bopilwe ka mekgatlo a qalehang ha batho ka bomong ka hara setjhaba ba dumellana ho sebetsa mmoho ka sepheo se tshwanang. Tshehetso ya sethatho boholo e tswa ho bathehi ba tebisang matsoho mekotlaneng ya bona, ho latele boipiletso ho bafani ho ithaopa. Mehlodi e ka boela ya tswa dikgahlanyetsong le dithusong kapa dikonterakeng tsa mmuso, hammoho le kuno eo mokgatlo o iketsetsang yona.
Ha motho ka mong kapa sehlopha sa batho ba mehopolo e kgemang mmoho se hlokomela tlhokahalo kapa bothata setjhabeng mme se etsa ho hong ho arabela tlhokahalo eo kapa ho rarolla bothata boo ba qadile mosebetsi. Ha mosebetsi oo o tswela pele ka baka la boikgathatso ba bona ka ho itlhophisa hore mosebetsi o tswele pele ho tswalwa mokgatlo. Mekgatlo e mengata ya setjhaba e dula sebopehong sena sa boithaopi, mme e kgannwa ke matla le mehlodi ya bafani ba ditjhelete le ditho tsa yona. Hang ha mokgatlo wa setjhaba o hloka ho tsejwa kapa o batla mehlodi ka ntle ho mokgatlo o lokela ho thehwa ka molao. Sena hangata se kenyelletsa: Ho kgetha lekgotla le laolang (komiti kappa boto); ho ngolwa ha molaotheo; ho bulwa ha akhaonte ya banka; ho ngodiswa ka boithaopo ha mokgatlo tlasa Molao wa mekgatlo eo e seng ya phahello; le ngodiso ya boikgethelo ya mokgatlo e le Mokgatlo oo e seng wa phahello ka Temana ya 21 tlasa Molao wa Dikhamphani, kapa e le Terasete tlasa Molao wa Diterasete.
Karolomoruo eo e seng ya phahello, jwalo ka dikarolo tse ngata, e ile ya hlokofatswa ke ho qhelelwa thoko lefatsheng ka kakaretso, dithibelo, kgahello ya mehlodi le dikamano tse sa lekanang le dikarolomoruo tse ding. Ho hlola boima bona ho hlokahala haholo ho lekola dikamano, phano ya ditshebeletso, bopepenene, boikarabelloo, puso le tsamaiso ho nnetefatsa hore ho ba le tswelopele naheng ya rona. Melawana ena ya tsamaiso e entswe ka tshehetso ya makgolokgolo a mekgatlo ya setjhaba, mekgatlo eo e seng ya phahello le mekgatlo e thehilweng ka baahi. Melawana ena e thehilwe hodima Molaotheho wa Afrika Borwa, mme e leka ho qholotsa phetoho le ho matlafatsa tikolo ya karolomoruo eo e seng ya phahello. Melao ena e itshetlehile ka ho ema ka maoto ha mekgatlo yohle eo e seng ya phahello le tshehetso ya yona.
Ketsahalo e nngwe ya bohlokwa mehatong e qalang ya ho botjwa ha mokgatlo oo e seng wa phahello ke ho lokisa Polelo ya maikemisetso. Ha motho ka mong kapa sehlopha sa batho se qala leeto le lebisang ho phethahatseng tlhoko kapa tharollong ya bothata ba setjhaba, ba na le ponelopele. Ponelopele ena ke ya bophelo bo ntlafetseng setjhabeng kapa ke ya mohla tlhoko eo e phethahaditsweng kapa bothata boo bo rarollotsweng. Mekgatlo ya phahello (dikgwebo) e qoswa ke takatso ya ho etsa phahello. Mekgatlo eo e seng ya phahello e hatela pele e phethahatsa ponelopele ya yona. Leeto lena kapa se qosang sena se atisa ho fuparwa ke mantswe ? polelwana tse mmalwa ? seratswana se sekgutshwanyane ? se hlalosang mabaka a makgatlo oo e seng wa pahello a ho ba teng, maikemisetso a ona.
Mokgatlo oo e seng wa phahello, ho tswela pele ha ona ka diketsahalo tsa tshebeletso, ho hloka mehlodi ha ona le tsela eo o itlhophisang ka yona, tsohle di tsepamisitswe ho phethahatseng maikemisetso a wona. Ho rera hohle ha bona, e ka ba bakeng sa lenaneo kapa phano ya ditjhelete, ho tswa takatsong ya ho phethahatsa maikemisetso.
Boetapele ba mekgatlo eo e seng ya phahello e ntseng e hlaha ka pele bo hlokomela hore ba jere boikarabelo bo boholo bo ntlha di tharo hore ba tle ba phethahatse maikemisetso le ho nnetefatsa hore mokgatlo o phela ka mehla le hona ho hola. Ya pele ke ho etsa bonnete ba hore lenanen\o la yona la ditshebeletso le fana ka seo setjhaba se se hlokang kapa mathata a rarollwa ka mokgwa o kgotsofatsang.Ya bobedi ke ho theha tshehetso (phumantsho ya ditjhelete le mehlodi e meng) e tshepahalang ya ka nako tsohle hore mokgatlo o tle o kgone ho phetha mosebetsi wa ona. Ya boraro ke ho nnetefatsa hore ho kenngwa mokgwatsamaiso o tla tiisa hore mehlodi le mananeo ohle a mokgatlo a tshwarwa ka tsela ya boikarabelo. Ha mesebetsi ya letsatsi le letsatsi ya mokgatlo oo e seng wa phahello e eketseha hoo ho seng ho sa kgonahale hore e ka etswa yohle ka nako ya boithaopi komiti kapa boto e lokela ho etsa qeto mabapi le ho beha basebetsi ba nako tsohle kapa ba nako tse itseng. Motho wa pele ya behwang o bitswa Mohokahanyi kapa Motsamaisi kapa Mohlanka e moholo wa phethahatso, mme o ikarabella lekgotleng la taolo la mokgatlo.
Kgolo tshebetsong, ho fumaneng mehlodi, ditjheleteng le tsamaisong e qetella e bakile hore ho eketswe basebetsi, hangata, hangata ke mohlanka ya ka sehloohong. Mosebetsi o mong o tla nne o tswele pele ho etswa ke baithaopi kapa basebetsi ka ka nako tse itseng. Jwale le na le sebopeho se emeng ka baithaopi ka sehloohong ? bao e leng karolo ya boto, basebetsi ba lefshwang ka tlaase, le baithaopi ka tlasa basebetsi ? ba thusang ho fana ka ditshebeletso kapa ho bokelletsa ditjhelete.
Metheo ya tshebetso
Mekgatlo eo e seng ya phahello, ho sa tsotellwe ditabatabelo tsa yona le mesebetsi ya yona e fapaneng, e lebelletswe ho dumellana le tjhadimo e tshwanang eo karolo eo e tla tsejwa ka yona. Tjhadimo ena e tshwaetswa ke tlameho ya mokgatlo oo e seng wa phahello ho thusa twantshong ya bofuma, ho se lekalekane, le ho tsitlallela ho ntlafatsa bophelo le maemo a Maafrika Borwa ohle. E fadimehetse sena mekgatlo eo e seng ya phahello e itlama ho ikobela metheo ena:
Ho tshepahala Riphaboliking ya Afrika Borwa; ho hlompha le ho ikobela Molaotheo wa yona;
Ho kgothalletsa bonngwe le tlhokomelo ya bohle ba bopang setjhaba sa Afrika Borwa;
Ho thusa ditlhokong le thekolohelong ya batho ba Afrika Borwa;
Ho hlompha ditokelo, meetlo le seriti sa batho bohle ho ya ka Tokodiso ya ditokelo jwalo ka ha di bolokilwe Molaotheong wa Afrika Borwa; ho boloka tekatekano ya botjhaba le ya bonna le bosadi (ho itshwarelletswe ka moya wa ?botho?);
Ho hlokomela hore ha ho kgethollo ho setho sefe kapa sefe sa setjhaba ho ya ka botjhaba, bonna, bosadi, botjhabana kapa setso, mmala, tshekamelo ya bong, dilemo, boqhwala, borapedi, tshekamelo ya dipolotiki, maikutlo, tumelo, moetlo kapa puo;
Ho ananela hore motho ka mong o na le boleng le bokgoni bo ikgethang, ho sa shejwe boemo ba setso, boqhwala, botjhaba, bonna kapa bosadi, dilemo, tshekamelo ya bong, ditumelo, borui le boemo ba molao;
Ho dumela hore Maafrika Borwa a seriti, a a lekana mme a na le nnete le toka tse sirelletsang le ho hlokomela polokeho ya baahi bohle ba yona; e bontshang sena hohle moo ho kgonahalang popong ya boetapele ba yona, basebetsi le baithaopi;
Ho tshehetsa demokrasi e akaretsang bohle;
Ho sebedisana, ho sebetsa mmoho le ho hokahana le mekgatlo e meng ditabeng tse e amang ka ho tshwana;
Ho sebedisa ntshetsopele e tobileng bathong;
Ho kgothalletsa boithaopo methating yohle;
Ho sebetsana le mekgatlo e meng ka boikokobetso le tlhompho ka dinako tsohle;
Ho nnetefatsa hore mokgatlo o etsa ho ya ka maikemisetso le merero ya ona ka dinako tsohle;
Ho nnetefatsa hore mokgatlo o itlhahisa le ho hlahisa maano le mananeo a ona hantle setjhabeng, ho sa shejwe ho fapana ka maikutlo kappa ka tumelo ha batho;
Ho nnetefatsa hore mokgatlo o a atameleha, mme o a fihlelleha dikamanong tsa ona le bao o ba sebeletsang, ba lebelletseng tshebeletso e boemong bo hodimo;
Ho tsitlallela ho fana ka tshebelletso e tswileng matsoho, e hlwekileng, mme e utlwahalang;
Ho hlokomela maemo le dingongoreho tsa ba sebeletswang ha ho etswa diqeto tse ba amang;
Ho nnetefatsa hore ditho di sebelletsa mokgatlo ka tsela e seng leeme mme e sa kgetholleng; di behela diphapang tsa botho ka thoko mme di phahamisa lebitso le letle la mokgatlo e le ho tlisa tshepo mokgatlong le karolomoroung eo e seng ya phahello ka kakaretso;
Ho nnetefatsa hore mokgatlo o etsa dikamano le mekgatlo e kgomareretseng metheo e tshwanang le ya yona.
Ho eta pele le ho tsamaisa
Hore mokgatlo oo e seng wa phahello o kgone ho fihlela merero ya ona ba ditulong ba lokela ho lokisetswa le ho hlahlellelwa ho shebana le maemo a fapaneng letsatsi le letsatsi. Hore mokgatlo oo e seng wa phahello o sebetse hantle lekgotla la ona la taolo le baetapele ba basebetsi ba hloka boitlamo, mafolofolo le boinahanelo. Lekgotla la taolo le baetapele ba basebetsi ba na le mesebetsi le boikarabelo bo ikgethang le bo kopanelwang ho fihlela sena.
Lekgotla la taolo
Lekgotla la taolo la Mokgatlo oo e seng wa phahello le atisa ho hlaha maemong a tswetseng mokgatlo oo le o sebeletsang. Ha boleng le sebopeho sa mokgatlo se ntse se fetoha le ho hola le lekgotla la taolo le iphumana le tjamelane le ho fetola seabo sa lona. Ho a hlokahala hore lekgotla la taolo le hlakise boikarabelo ba lona nakong tsohle tsa bophelo ba lona. Lekgotla la taolo le tsamaellanang le boemo ba molaotheo le ngodiso ya lona ha le phetha mesebetsi ya lona le beha mokgatlo boemong ba katleho ka tsamaiso e ntle le motheo wa boitshwaro. Ho lokisa lekgotla la taolo ke hwa bohlokwa ho mokgatlo mme ho etsa mesebetsi e behilweng ho tonelwe mahlo. Setho ka seng sa lekgotla la taolo le lekgotla ka kakaretso se ikarabella diketsahalong tse mabapi le mokgatlo. Ba ka nna ba fetisetsa mosebetsi ho batho ba ka thoko, empa ba ke ke ba fetisetsa boikarabelo ba bona ba ho qetela.
Boholo ba mekgatlo eo e seng ya phahello e itlhalosa e qadilwe ke setjhaba se kgathallang, se batlang tshebeletso ho shebana le tlhokeho e itseng kapa se hloka ho sebedisa mehlodi ho shebana le tlhoko. Ditho tsa lekgotla la taolo hangata di iphumana di emetse le leng kapa bobedi ba mahlakore ana.
Bokgoni ba mosebetsi ba lekgotla la taolo bo lekanngwa ka mokgwa oo le shebanang le tlhokomelo, botshepehi le boikobo.
Mosebetsi wa tlhokomelo: Ho sebetsa jwalo ka motho wa ka mehla, ya bohlale ? maemong a tshwanang; a sebedisa tshebetso ya lesedi le hlokolotsi le tobileng. Ha ho tekanyo ya hore na motho ka mong o sebetsa hakae jwalo ka setho sa lekgotla la taolo. Tekanyo ena e hloka hore ditho tsa lekgotla la taolo di etse diqeto di ena le tsebo e lekaneng.
Ha ho hlokahale hore ditho tsa lekgotla la taolo e be ditsebi ho tsohle tse tekwang ka pela tsona. Le ha ho le jwalo, setho ka seng se se nang le botsebi bo ikgethang se lebelletswe ho phehisa ka tsebo eo e ikgethang mesebetsing ya sona jwalo ka setho sa lekgotla la taolo. Ha ho hlokahale hore setho ka seng se kene ka ho phethahala mosebetsing le diqetong tsohle tsa lekgotla la taolo. Mosebetsi wa bohlokomedi o dumella hore ho fanwe ka mosebetsi ho ditho tse ding, dikomiti le basebetsi kapa ho ba ka ntle, ka kelohloko.
Mosebetsi wa botshepehi: Ho sebetsa ka botshepehi molemong wa mokgatlo. Mosebetsi wa botshepehi o hatella hore ho be le tlhokomelo le ho hloka kgethollo maemong ao ho nang le ho thulana ha botshwaedi. Metheo ya molao e shebana le taba ena ka ho tsitlallela hore ho be le tse kang: ho pepesa tsohle ka ho phethahala, ho amohela ntlha ka bongata ba lekgotla la taolo, ho hlophisa le ho fumana tse molemong wa mokgatlo.
Mofuta o mong wa botshepehi o bonahala ha setho se bonahala se le boemong ba ho phehisana le mokgatlo bakeng sa mosebetsi o le mong. Ke ha feela mokgatlo o entse qeto ya ho lesa monyetla oo setho sa lekgotla la taolo se ka bang bolokolohing ba ho tswela pele ka bosona.
Mosebetsi wa boikokobetso: Ho etsa bonnete ba hore mokgatlo o sebetsa o ipapisitse le melao e laolang ho boptjwa le boemo ba ona le ho ya ka molaotheo le morero wa ona. Mehato e nkilweng empa e hanana le melao ya mokgatlo kapa e sa dumellane le sepheo sa mokgatlo jwalo ka ha se hlahisitswe molaotheong e ka tlohelwa ebang e tonelwa mahlo.
Ka tlwaelo ditho tsa lekgotla la taolo di ba ditulong dilemo tse 2 ho isa ho tse 4 mme molaotheo wa mokgatlo o lokela ho hlokomela hore ?madi a matjha? a kenngwa lekgotleng la taolo kgafetsa. Lethathama le latelang la dintlha tse 10 tsa sehlooho le boikarabelo ba mekgatlo eo e seng ya phahello le hlokomela hore a. Boikarabelo ba lekgotla la taolo le ba ditho bo a tshwana bakeng sa mekgatlo yohle eo e seng ya phahello le ha mokgatlo ka mong o ka ikutlwa o kgethehile;
b. Tsela eo makgotla a taolo le ditho tsa ona di hlileng di phethang boikarabelo ba tsona ka yona e tla fapana ka baka la mabaka a mangata, ebang basebetsi le ditekanyetso tsa ditjhelete di le nyenyane kapa di le kgolo; ebang ke mokgatlo o motjha kapa ke o thehilweng dilemolemo tse fetileng;
c. Ha ho boholo bo nepahetseng ba lekgotla la taolo, kapa mokgatlo le bonahetseng le loketse maemo ohle a ditaba;
d. Mekgatlo yohle e a fetoha ha nako e ntse e eya mme sena se etsa hore ho hlokahale ho lekolwa botjha ha mokgatlo nako le nako, ho ntlafatswa, mme ka dinako tse ding le ho fetolwa haholo ha tsamaiso le puso;
e. Makgotla a taolo le ditho tsa ona a atisa ho fihlella bokgoni bo phethahetseng ha a sebedisa matla a ona ho botsa dipotso tse molemo mme tse hlokahalang ka nako eo, ho feta ho tsamaisa mananeo le ho kenya tshebetsong maano feela.
Le hlokometse tsena lekgotla la taolo la mokgatlo oo e seng wa phahello
Le etsa qeto ka morero le sepheo sa mokgatlo:
Lekgotla la taolo le lokela ho ngola ditokomane tse hlalosang mabaka a ho ba teng ha mokgatlo ? polelo ya maikemisetso, tseo ba lakatsang ho di fihlela, merero le maano. Sena se kenyelletsa le leano la thulano ya ditabatabelo ho thibela kgohlano efe kapa efe ya ho ithuisa e ka etswang ke ditho tsa lekgotla la taolo kapa ke basebetsi ka ditumellano dife kapa dife tse etswang lebitsong la mokgatlo. E lokela ho hlalosa ditlhoko kappa mathata ao ho lekwang ho a rarolla, karolo ya setjhaba eo e e sebelletsang, le dikarolo tsa setjhaba tse tshehetsang mosebetsi oo. Haholoholo e lokela ho kgona ho hlalosa boikgetho ba mokgatlo, le mabaka a utlwahalang a tla hohela ditjhelete. Lekgotla la taolo le lokela ho ba mohlala ho ipapiseng le molaotheo, maano le matsapa a merero a lona.
Le kgetha le ho beha Mohlanka e moholo wa phethahatso
Ho ntshetsa pele morero le sepheo lekgotla la taolo le lokela ho kgetha batho ba nepahetseng, mme hangata le basebetsi ba ka sehloohong, bao e ka bang ba ka nako tsohle, ba nako tse ding kapa baithaopi. Sena se lokela ho kenyelletsa ho ngolwa ha tlhaloso ya mosebetsi bakeng sa maemo ana le bolaodi ba Mohlanka e moholo wa phethahatso. Mohlanka e moholo wa phethahatso, mohlomong mmoho le ba bang ba basebetsi ba ka sehloohong ba tla ba teng botong e le ditho tse sa vouteng.
Seabo sa lekgotla la taolo khirong ya basebetsi ba mokgatlo se ka kenyelletsa: maano a basebetsi, maano a tokafatso, ho boloka direkoto, ho ikobela molao, ho kgetha basebetsi, ho rala tlhahlamano mokgatlong, ho rala mosebetsi, meputso, meputso ya tshebetso ya nako e telele, ho kgothatsa bolaodi, ho hlokomela tshebetso ya basebetsi, ho ntshetsa pele mosebetsi le boprofeshenale, le dikamano tsa mosebetsing.
Le tshehetsa Mohlanka e moholo wa phethahatso le ho lekola botjha tshebetso ya hae
Hlooho kappa Mohlanka e moholo wa phethahatso wa mokgatlo oo e seng ya phahello, ka boithaopo kapa e le mosebetsi wa nako tsohle, o lokela ho ikarabella lekgotleng la taolo. Mohlanka e mohlo wa phethahatso o lebelletswe ho etsa ditlaleho nako le nako ka tswelopele ya ditshebeletso tsa mokgatlo le mesebetsi ya ho bokelletsa ditjhelete, tsamaiso le mokgwa wa tsamaiso ya ditjhelete le ho phethahatsa merero ya mokgatlo. Mohlanka e moholo wa phethahatso o hloka tshehetso ya maikutlo le diketso ya lekgotla la taolo.
Le nnetefatsa ho rerwa ho utlwahalang ha ditaba tsa mokgatlo
Ditho tsa lekgotla la taolo di lokela ho ba le seabo ha ho rerwa tsa mokgatlo; ho hlaloswa se lakaletswang bokamoso ba ona le ka moo bo ka fihlelwang ka teng. Ke boikarabelo ba bona ho etsa qeto ka morero wa mokgatlo le ho o lekola botjha, le hore na mokgatlo o ikemeseditse ho fihlela dife ho phethahatsa morero wa ona; ho kgetha mesebetsi le mananeo a ikgethang a tshebeletso le tshehetso ao mokgatlo o tla lokela ho a sebedisa ho fihlela se tla hlokahala ho etsa mosebetsi wa ona ka ho phethahala le ka bokgoni.
Ho etsa sena lekgotla la taolo le lokela ho nnetefatsa hore: Ho na le dintlha tsa boleng tse tataisang mokgatlo; ponelopele ya nako e telelele ya bokamoso ba mokgatlo; tlhaloso ya ditholwana tse lebelletsweng mosebetsing wa mokgatlo nakong e rerilweng; moralo wa tshebetso wa selemo le selemo mmoho le ditekanyetso (kuno e tswang); mehato e lebisang ho kenya moralo tshebetsong e diswe le ho lekolwa botjha kgafetsa. Mekgatlo eo e seng ya phahello e meholo e ka kgetha komiti ya thero ho nka boikarabelo ba mosebetsi ona.
Le nnetefatsa hore mokgatlo o na le mehlodi e lekaneng
Mokgatlo oo e seng wa phahello o phela ho ya ka mehlodi eo o nang le yona ho phethahatsa merero ya ona. Ho hlokomela hore mokgatlo o na le mehlodi e lekaneng ke boikarabelo ba lekgotla la taolo. Mekgatlong e meholwanyane mmokelletsi wa matlole e ka nna ya se be setho sa lekgotla la taolo, empa lekgotla le tshehetsa diteko tsa ho bokelletsa matlole ka ho phethahala. Ke ka lekgotla la taolo ho ka susumetswang bafani ba baholo ho fana. Ditho di lokela ho ba le bokgoni ba ho thusa ka maqhama didikadikweng tseo ho ka bang le phano ya ditjhelete ho tsona. Ho etsa sena hantle bona ka bobona ba lokela ho itlama ka ditjhelete mokgatlong. Ba lokela ho theha morero wa selemo le selemo wa kuno; ba dise tswelopele ya kuno haholo. Mekgatlo e mengata eo e seng ya phahello e kgetha komiti e bokelletsang matlole ho nka boikarabelo bona.
Le tsamaisa mehlodi ya mokgatlo ka tsela e utlwahalang
Lekgotla la taolo ke mohlokomedi wa mehlodi ya mokgatlo oo e seng wa phahello. Ha e le Dikhamphaning tsa Temana ya 21 boikarabelo ba ditjhelete bo jwarwa ke balaodi ba lekgotla la taolo ka bonngwe. Lekgotla la taolo le ikarabella mabapi le maruo le mehlodi ya mokgatlo le ho etsa bonnete ba hore di tsamaiswa hantle, ka tshebediso tsamaiso le mekgwa ya taolo e nnetefatsang hore maruo a mokgatlo a sebediswa ka moo a lokelang. Lekgotla la taolo le lokela ho ikgotsofatsa hore ho na le thero e lekaneng ya ditjhelete, ditekanyetso, tshwaro ya dibuka, lenane la tefo, ditaolo tsa ka hare, tlhophollo ya ditjhelete, tsamaiso ya tjhelete, taolo ya boipolokelo le boemo bo kotsi. Lekgotla la taolo le lokela ho disa ditekanyetso ka ditlaleho tsa ditjhelete tsa nako le nako le ka ho nka mehato e hlokahalang ho nnetefatsa hore ditekanyetso di dula di lekalekane selemo ho pota.
Lekgotla la taolo le bile le fumana le ho amohela tlhakiso ya selemo le selemo ya diakhaonte tsa ditjhelete, le hlokomela maruo le matsete a mokgatlo, mme le etsa bonnete ba hore tsohle di etswa ka molao. Makgotla a mang a taolo a kgetha komiti ya ditjhelete ho tsepamisa maikutlo mosebetsing ona wa bohlokwa.
Le kgethela mokgatlo le o disetsa mananeo le ditshebeletso
Lekgotla la taolo le lokela ho utlwisisa mananeo le/kapa diprojeke tsohle tsa tshebeletso tsa mokgatlo le ka moo di thusang hore morero o phethahale. Seabo sa lona ke ho batlisisa hore na mananeo a teng jwale le ditshebeletso di kgema mmoho le merero le sepheo se boletsweng. Ho etsa sena le lokela: Ho tjhella monwana merero ya mananeo a selemo le selemo; ho dumellana le mekgwa e sebediswang ho disa le ho lekanya mananeo kapa diprojeke; ho hatella ho fumantshwa tlaleho ya tswelopele nako le nako lenaneong kapa projekeng e nngwe le e nngwe le tseo e di fihletseng; ho hlopholla moetlo le mesebetsi ya mokgatlo, le nnetefatsa diphetoho tse hlokahalang ho ahella boiqapelo, mehopolo e fapaneng, boikarabelo le tlhompho, ho ntse ho amohetswe dihlopha tsohle tsa meetlo e le balekane ba lekanang ntshetsopeleng ya mokgatlo. Ha lenaneo la ditshebeletso le rarahana haholo kapa le eba le semelo sa botekeniki haholo mekgatlo e meng eo e seng ya phahello e kgetha komiti ya mananeo ho nka boikarabelo ba mosebetsi ona.
Le matlafatsa seriti sa mokgatlo setjhabeng
Lekgotla la taolo le sebetsa e le lehokela pakeng tsa basebetsi ba mokgatlo, baithaopi, le ba sebeletswang ke mokgatlo, setjhaba le bafani. Hangata Mohlanka e moholo wa phethahatso kapa Modulasetulo ke bona babuelli ba sehlooho ba mokgatlo; mang kapa mang ya kgethwang o lokela ho fuwa matla ke lekgotla la taolo. Ditho di ka ba le kamano le dikarolo tse ngata tse nang le tshusumetso; kgwebong, maseding, mmusong. Ka mehla ba lokela ho qoba ho hlahisa maikutlo a bona lebitsong la mokgatlo, mme ba ikatellele ho phahamisa mokgatlo ka ho nepisa ditaba le ka mafolofolo hohle moo ba fumanang sebaka.
Hore di kgone ho etsa sena ditho tsa lekgotla la taolo di lokela ho ithuela tsebo ka bao mokgtlo o ithekisang ho bona ? baunamolemo, basebelletswa, batshehetsi, jjwalojwalo. Mekgatlong eo e seng ya phahello e meholwanyane sena se ka bolela ho ba le thahasello diphuputsong tsa mmaraka, ho rera mmaraka, ntshetsopele ya dihlahiswa, ho pakela le ho phatlalatsa, ho beha theko, ho pepesa, thekiso, dikgokahano le dikamano le setjhaba. Lekgotla la taolo le lokela ho tseba bonyane hore na mokgatlo o kgona ho fihlella bao o ithekisang ho bona hantle le ka bokgoni. Ba lokela ho hlokomela hore tlaleho ya selemo le selemo e entswe.
Le sebetsa e le lekgotla la boipiletso
Letshwao la mokgatlo oo e seng wa phahello o nang le bokgoni, mme o hola, ke ha ditho tsa lekgotla la taolo di sa kenakenane le dikamano tsa botho tsa basebetsi kapa hona ho laola Mohlanka e moholo wa phethahatso. Nako le nako tjhadimo ya Mohlanka e moholo wa phethahatso e ka suptjwa dipha ke mosebetsi. Mohlanka e moholo wa phethahatso o tla ikopanya le Boto ditabeng tse jwalo. Mekgatlo e menyenyane kapa e metjha moo ditho tse ding tsa lekgotla la taolo di bileng di sebetsang e le basebetsi ba baithaopi ho atisa ho hlaha ho thulana le pherekano ha ditho di sa utlwisise boikarabelo ba tsona le ho hloka kelohloko ha mosebetsi eo e mmedi ka nako e le nngwe.
Tsamaiso ena e kgona ho ba le matla ha mokgatlo o thehilwe le ho latela metjha ya tayo le ditletlebo e bontshang tatelano ya boholo le boikarabelo ka ho hlaka.
Le lekola tshebetso ya lona
Dilemo tse ding le tse ding tse pedi kapa tse tharo lekgotla la taolo le lokela ho ipha sebaka sa ho lekola tswelopele le tshebetso ya lona. Sena se ba bobebe ha setho ka seng sa lekgotla la taolo se kene mokgatlong ka tumellano ya boemo bo hlokahalang ba tshebetso kapa ho ena le tlhaloso ya mosebetsi. Tswelopele e ka lekanngwa wekeshopong ya ho itekola, kapa ha setho ka seng se botswa dipotso ke modulasetulo le/kapa Mohlanka e moholo wa phethahatso.
Selekanyi seo tshebetso e sa lokelang ho ba ka tlase ho sona se ka kenyelletsa: Tsebo ya mokgatlo, boitelo mokgatlong, tshusumetso ho basebelletswa kapa ho bafani, bokgoni ba ho fana, maikemisetso a ho sebetsa.
Ho kgola ditholwana tse molemo tshebetsong ya lekgotla la taolo le basebetsi, ditho tsa lekgotla la taolo, dikomiti, basebetsi, basebetsi ba lokela ho sebetsa mmoho ka kutlwano, ka kutlwisiso ya ka moo mesebetsi le boikarabelo ba bona di fapanyetsanang ka teng. Sena sohle se etswa ka sepheo sa ho phethahatsa morero wa mokgatlo oo e seng wa phahello.
Boikarabelo ba sethatho ba basebetsi, ebang e le ba nako tsohle kapa ba nako tse itseng kapa baithaopi, ke ho kenya lenaneo la mokgatlo tshebetsong ho ya ka molaotheo wa ona, morero hammoho le meralo ya matsapa. Sena se kenyelletsa ntshetsopele ya mehlodi ya yona ya botho; tshebediso ya mehlodi ka botshepehi; qapollo ya bokgoni bohle ba mehlodi, ho kenyelletswa le nako.Tshebetso ena ya matlafatso e tobane le ho bopa bokgoni le ho ntlafatsa botsebi ba batho. Ke boikarabelo ba Mohlanka e moholo wa phethahatso ho etella ketsahalo tsena pele. O lokela ho tsitlallela hore basebetsi ba dule ba ena le tsebo mme a etse hore ba kgone ho ba le seabo ho qoholleng ditlhoko le menyetla; a ba thuse ho sebetsana le tsena mme ba fetole tshebetso eo ya bona. Ba ditulong ka hara mokgatlo ba lokela ho hlokomela melao e latelang hore ba fihlele tsena. Boetapele ba basebetsi bo lokela:
Ho leka ho utlwisisa mokgatlo ka hohlehohle;
Ho fana ka tataiso ya leano le boetapele ho lekgotla la taolo. Maano a basebetsi a lokela ho ikamahanya le Molao wa dikamano mosebetsing le melao e meng a amanang le ona mme a lokela ho sireletsa ditokelo tsa ramosebetsi, mosebetsi, ditho le baithaopi;
Ho tsamaisa, ho laola le ho kenya tshebetsong mesebetsi yohle ya tshebeletso, ho bokelletsa ditjhelete le tsamaiso, mananeo le mesebetsi yohle ya mokgatlo;
Ho kenya tshebetsong diqeto tsohle tsa leano le ditaelo tsa lekgotla la taolo;
Ho boloka le ho ikamahanya le molaotheo le maano a mokgatlo;
Ho ruta lekgotla la taolo ka mesebetsi ya lona e ikgethang empa e fapanyetsana, le ka boikarabelo ba bona ho basebetsi;
Ho tlalehela lekgotla la taolo kgafetsa le ho hlokomela hore Boto e tseba ka mesebetsi yohle ya mokgatlo;
Ho eletsa lekgotla la taolo ka nako ha ho ena le tse etsahalang tse ka amang mokgatlo hampe;
Ho theha dikamano tsa ka hare le ho hlokomela hore di a sebetsa;
Ho hlokomela hore ho na le tsamaiso e sebetsang ya ditjhelete; ho tjhaella monwana tshebetdiso yohle ya ditjhelete le ho disa tshebediso yohle ya ditjhelete le dibuka tsa ditjhelete tsa mokgatlo;
Ho lokisa ditekanyetso tsa selemo le selemo ka thuso ya basebetsi, ramatlotlo (ebang a kgethilwe) le komiti ya ditjhelete (ebang e kgethilwe);
Ho hira, ho laola, ho lekola le ho leleka basebetsi: Ho etsa mokgwa o lokileng mme o amohelehileng wa ho lekanya bokgoni, boitsebelo, mangolo a thuto, boemo ba boikarabelo le tshebetso, mme batho ba lefshwe ho ya ka tsona. Ho ba le tsela e utlwahalang, mme e pepenene ya ho hira basebetsi ba batjha, le ho ho lokolla basebetsi mosebetsing;
Ho kgothalletsa le ho tshehetsa ho itahlela ka setotswana ha baithaopi;
Ho boloka direkoto, difaele, ditokomane le ho ba le polokelo ya tsa kgale;
Ho etsa dilekane le bafepedi lebitsong la mokgatlo ka tumello ya lekgotla la taolo;
Ho emela mokgatlo mekgatlong e meng, ho boraditaba le setjhabeng ka kakaretso;
Ho lokisa lenane la dipuisano la dikopano, ditsebiso tsa basebetsi, ditlaleho, ngollano ya letsatsi le letsatsi le dikgokahano tse ding tse hlokahalang tsa ka hare le ka ntle;
Ho boloka makunutu a ditaba tse sa lokelang ho phatlalatswa.
Tsamaiso ya ditjhelete
Ho fapana le dikgwebong tse fumanang kuno ka ho rekisa thepa kapa ditshebeletso, mme ho fapana le mmusong moo mehlodi e tliswang ke lekgetho, mokgatlo oo e seng wa phahello ha o na leruo la mehlodi eo e leng ya ona. Mekgatlo eo e seng ya phahello e lebelletswe ho ba batsamaisi ba hlokomelang le ho kgona ho tsamaisa ditjhelete tse behilweng matsong a bona ke bafani, batshehetsi le ke mmuso. Mekgwa-tsamaiso ya ditjhelete, le ha e le e bonolo, ya motheo, e hloka ho hlabollwa le ho bolokwa ke ba ditulong tsa mokgatlo ho etsa bonnete ba hore mehlodi e sebediswa hantle. Ka kakaretso sena se ka fihlelwa ka:
Ho etsa mekgwa-tsamaiso ya ditjhelete e lokelang mme ho hirwa ha batho ba mangolo a loketseng ba nako tsohle, ba nako tse itseng kapa baithaopi;
Ho iketsetsa bukana ya tataiso ya maano le tsamaiso ya ditjhelete (bakeng sa mekgatlo eo e seng ya phahello e tiyang) e ka kenyelletsang: Ho fana ka tlaleho ya ditjhelete, ho phatlalatsa le ho beha nako ya tlaleho ya ditjhelete, melao ya mokgwa-tsamaiso wa ditjhelete, tsamaiso ya ho nepisa setatemente sa banka, maano a ho tsetela, tsamaiso ya ho saenwa ha ditjheke, maano a ditshenyehelo tsa maeto le tse lokelang mosebetsi, ho amohela kuno le tsela ya ho rekota, leano la ho lefa basebetsi, dipholisi tsa enshorense, taolo ya maruo a tsitsitseng, taolo ya palo ya thepa (ebang e le teng), tsamaiso ya ho etsa ditekanyetso, tsamaiso ya lekgetho le thulano ya ditabatabelo;
Ho ikamahanya le tsela ya tshebetso ya ho tshwara dibuka tsa ditjhelete le bohlakisi e amohelehileng Afrika Borwa ho shebilwe tsamaiso, ho boloka tjhelete, ho tlaleha le ho boloka direkoto;
Ho hlakisa ka tsa ditjhelete selemo le selemo;
Ho etsa ditekanyetso tse utlwahalang tsa selemo le selemo tsa kuno le tshebediso ya ditjhelete ya mokgatlo;
Ho disa ho kena le ho tswa ha tjhelete ho tadimilwe ditekanyetso le ho ikamahanya le tsona moo ho kgonahalang. Ha ho hlokahala ho etsa diphetoho basebetsi ba lokela ho ikopanya le lekgotla la taolo pele ba ka fetola ditekanyetso ho ya ka moo ho tla sebetswa ka teng;
Ho etsa leano le hlakileng mabapi le dikadimo le dithuso ho basebetsi;
Ho etsa leano la basebetsi mabapi le ho amohela ditjhelete tse tswang ka ntle e le ho qoba ho amohela habedi ka phoso;
Ho etsa meralo ya taolo e sebetsang bakeng sa ho tsamaisa tjhelete e nyenyane e matsohong;
Ho kenya tsamaiso e hlakileng bakeng sa ho dumellwa, ho hlophiswa, ho saenwa le ho ntshwa ha ditjheke;
Ho ba le tsamaiso ya tayo ho sebetsana le tshebediso e mpe kapa e bohlaswa ya mehlodi kapa maruo;
Ho fumana kamano ya dipalo e amohelehang ho laola ditjeho tsa ho bokelletsa ditjhelete le tsamaiso;
Ho nnetefatsa hore ditjhelete tse behetsweng morero o itseng di sebedisetswa morero oo di o behetsweng;
Ho fokotsa kotsi ya ho itshetleha ka bafani ba itseng feela ka ho atolosa lenane la bafani;
Ho theha mokgwa o sebetsang wa ho reka: O nnetefatsang hore ho lekolwa dikhotheishene tse phehisanang moo ho hlokahalang; dikopo tsa ho rekelwa di tjhaellwa monwana; diphahlo kapa ditshebeletso di shebisiswa ho ya ka kopo ya ho rekelwa; tsamaiso ya tefo e a latelwa; le direkoto tse hlokahalang di a bolokwa;
Ho theha mokgwa o sebetsang wa ho fana ka dikontraka kapa ho thendara: O dumellang tse hlokwang ke molao wa ho reka; o pepenene le ho se kgetholle, o phethahatsa ditlhoko tsa kontraka le thendara ka nngwe.
Boikarabelo le bopepenene
O mong wa merero ya Molao wa mekgatlo eo e seng ya phahello ke ho kgothalletsa le ho tshehetsa mekgatlo eo e seng ya phahello tshebetsong ya yona ya ho phethahatsa ditlhoko tse fapaneng tsa setjhaba sa Afrika Borwa, ka ho ba kgothalletsa ho boloka boemo bo lekanang ba bopepenene le boikarabelo. Mokgatlo oo e seng wa phahello ha o a ithuela mehlodi eo o e hlokang ho phethahatsa merero ya ona, empa o dumelletswe ho sebedisa tjhelete le dimpho tse ding ho fihlela sepheo se rerilweng. Ba fanang ka mehlodi ena ba lokela ho kgotsofatswa hore mosebetsi o tla etswa ho ya ka morero le ka boikarabelo.
Mokgatlo oo e seng wa phahello o phela le ho tshehetswa ke bokgoni ba ona ba ho ba le dikamano tse pepenene le hona ho tswela molemo ba nang le seabo. Bao mokgatlo o ba sebelletsang, ba fanang ka mehlodi mokgatlong le ba etsang hore mokgatlo o kgone ho sebetsa. Ho ka tswela mokgatlo molemo, taolo le boetapele ba ona ha ho ka hlokomelwa ho ntlafatswa ha maemo a ona a boikarabelo le bopepenene ka ho ba le:
Morero o hlakileng ho tsamaisa mokgatlo le mananeo a ona. Ha ho molemo ho tshehetsa mokgatlo o se nang tshupo ya moo o yang.
Puso e kgethilweng ka hloko; boetapele ba basebetsi le basebetsi ba nang le bokgoni le baithaopi kantorong. Batho ba ka tsheptjwang;
Matsapa a moralo wa tshebetso a sebetsang, a nang le taolo e behilweng ho disa le ho lekanya tswelopele. Ho lokela ho etswa menyetla bakeng sa baunamolemo ba nang le seabo le setjhaba hore ba kenye letsoho tsamaisong ya ho rerwa, ho lekanngwa kgafetsa le ho ntjhafatsa mananeo le diprojeke;
Maano le tsamaiso di be teng ho nnetefatsa tshwaro ya ditjhelete le mehlodi e kenang le e tswang e pepenene mme e sebetsang;
Mokgatlo o ikemiseditse le ho amohela dipatlisiso le dipotso tsa setjhaba. Bopepenene bo tliswa ke ho fana ka lesedi le fumanehang, mme le nepahetseng, ka mokgatlo le mesebnetsi ya ona ho bafani le ba bang ka nako. Kopano ya ona ya selemo le selemo e fane ka lesedi le felletseng, le phatlalatsa, mme le nepahetseng mabapi le merero, mananeo le ditjhelete le puso.
Boitshwaro bo botle le boikarabelo
Mekgatlo eo e seng ya phahello e phela ka tshehetso eo e e fumanang mekgatlong e meng, e fanwang ka tshepo le kgolo ya hore mathata le ditaba di tla sebetswa ho ya ka merero le sepheo sa mokgatlo. Ka ha mekgatlo eo e seng ya phahello e lebelletswe ho ?sebetsa hantle? ka mehlodi ena setjhaba se lebelletse hore ba se be le diphoso. Boitshwaro bo bobe bo ka utollwang ke diphuputso kapa boraditaba e ama bohle ba nang le seabo hampe. Ka hoo mekgatlo yohle eo e seng ya phahello e lebelletswe ho tsamaisa tshebetso ya yona ka boitlhompho mme ba itshware hantle ha ba sebetsana le ba bang. Le ha tshebediso ya metheo e latelang e tla fapana ho ya ka mekgatlo, e dula e le ya bohloko eo ho lokelang ho qalwa ho yona:
Botshepehi: Batho ba tshepahalang ba na le nnete, ba tsepame, ba otlolohile, ba phutholohile. Ha ba qhekelle, ha ba utswe, ha ba qale leshano, ha ba etsa ka ho fapoha. Basebetsi ba mokgatlo oo e seng wa phahello le baithaopi ba lokela ho ba le nnete ka ho phethahala ha ba sebetsana le bafani, baunamolemo, basebetsi, baithaopi, mmuso, ditho tsa lekgotla la taolo, setjhaba le ba boholong.
Seriti: Batho le mekgatlo e seriti ba tsitsitse, ba a hlompheha mme ba otlolohile. Ba sebete, mme ba sebetsa ka boitelo. Ba tla lwanela seo ba dumelang ho sona mme ba ke ke ba inkela filosofi e reng ?ha feela o fihletse seo o se batlang, hore o fihlile jwang ha se lebaka,? e sa kgathalleng motheo kapa e potlakisang ditaba ho sa kgathallwe motheo. Basebetsi ba mokgatlo oo e seng wa phahello le ditho ba hlompha seriti sa maikemisetso a thehilweng ke lekgotla la bona la taolo.
Ho phethisa ditshepiso: Batho ba ka tsheptjwang ke ba phethisang ditshepiso, ba phethahatsang boitlamo, ba ikobelang tsohle tse tumellanong. Ha ba toloke tumellano ka tsela e thata, mme e potetseng e le ho itlhatswa kapa ho qoba boikarabelo.
Ho tshepahala: Batho ba ka tsheptjwang ba bontsha ho tshepahala bathong ba bang le mekgatlong e meng ka ho ba le setswalle le ha ho le hobe, tshehetso, le ho itella mosebetsi. Ha ba sebedise le ho fana ka lesedi leo ba ithutileng lona e le lekunutu ho inkunela molemo. Basebetsi le ditho tsa lekgotla la taolo ba lokela ho hlokomela bokgoni ba bona ba ho etsa qeto ntle le ho tshwaetswa ka ho qoba ka bohlale tshusumetso e sa hlokahaleng le thulano ya kgahleho.
Ho sebetsa ka nnete: Batho ba sebetsang ka nnete ba itlamela toka, ho tshwara batho ka ho tshwana, ho mamella le ho amohela maikutlo a fapaneng le a bona. Ba kelello di bulehileng, ba ikemiseditse ho amohela hore ba fositse, mme, moo ho hlokahalang, ba fetola ntlhakemo le tumelo tsa bona. Ha ba hatelle le ho ithabisa ka diphoso kapa mathata a ba bang.
Ho kgathalla ba bang: Ho kgathalla batho ba bang ho itlhahisa ka kutlwelobohloko, ho fana, ho loka, le ho sebeletsa. Ho hloka hore motho a leke ho thusa ba hlokang mme a qobe ho hlokofatsa ba bang.
Tlhompho ho ba bang: Batho ba itshwereng hantle ba bontsha tlhompho ho batho ba bang, seriti, tsa poraevete le tokelo ya boikgethelo bathing bohle ba baholo. Ba bonolo mme ba mekgwa e metle. Ba fa ba bang lesedi leo ba le hlokang ho etsa diqeto ka tsebo mabapi le maphelo a bona.
Bopepenene: Basebetsi ba lokela ho fa setjhaba lesedi le lengata ho ya ka moo ba ka kgonang e le ho dumella hore ho sekasekwe dipheo, mekgwa ya ho di fihlella le diphetho jwalo ka ha di amana le maikemisetso a mokgatlo.
Boahi ba boikarabelo: Boahi ba boikarabelo bo akga ho ikobela molao, ho ba le seabo, ho hlokomela tsa setjhaba, le ho sebeletsa setjhaba. Mekgatlo eo e seng ya phahello e lokela ho hlokomela ka boikgetho ho ikobela melao le melawana yohle.
Ho tsitlallela botle: Batho ba itshwereng hantle ba ikgathatsa ka boleng ba mosebetsi wa bona. Ba batlana le botle, mme ba sebetsa ka thata, ba a tshepahala, ba kgothetse, mme ba sebetsa ka boitelo.
Boikarabelo: Batho ba itshwereng hantle ba amohela boikarabelo bakeng sa diqeto tsa bona, bakeng sa sephetho seo ba ka beng ba se hlokometse pele sa diketso tsa bona le ho sitwa ho nka mehato, bakeng sa ho beha mohlala ho ba bang le ho fana ka tlaleho ho bafani le batshehetsi mabapi le ka moo ditjhelete di sebedisitsweng.
Ho baballa tshepo ya setjhaba: Puso ya mokgatlo oo e seng wa phahello, baetapele, basebetsi le baithaopi ba na le tlameho e ikgethang ya ho eta pele ka ho beha mohlala, ho baballa le ho sireletsa seriti le setumo sa mekgatlo yohle e itshetlehileng ka tshehetso ya boithaopo le tshepo ya setjhaba, ho qoba le ho ka bonahalang eka ha ho a nepahala, le ho nka mehato efe kapa efe e hlokhalang ho lokisa kapa ho thibela boitshwaro bo sa lokang ba ba bang.
Karolo ya B: Pokelletso ya matlole le ho batlana le mehlodi ha mokgatlo oo e seng wa phahello
Selelekela
Lentswe, ?Pokelletso ya matlole? le se le sebedisitswe ke mekgatlo eo e seng ya phahello nako e fetang dilemo tse lekgolo ho hlalosa ho bokelletsa mehlodi. Wa bohlokwa ka ho fetisisa mehloding ena ke tjhelete. Matsatsing ana ho batla ho sa kgonahale ho tshehetsa mosebetsi wa mekgatlo ena ka kuno ya bafani feela. Mehlodi e lokela ho fumanwa ho tswa mahlakoreng le mekgweng e fapaneng. Matsatsing ana bongata ba mekgatlo eo e seng ya phahello e lefisa tjhelete bakeng sa ditshebeletso tsa yona. Dikolo di kopa batswadi ho lefella bana ba bona, ditsi tsa tshebeletso tsa setjhaba di lefisa basebelletswa ba tsona, hobane ha ba sa na tshehetso e lekaneng ya bafani ho ka fana ka ditshebeletso ntle le tefo.
Ka nako tse ding bafani ba fana ka dimpho tsa dintho tse kang disebediswa, disebediswa tsa ho aha, ho ena le tjhelete. Baahi ba kgothalletswa ho tshehetsa mokgatlo ka ho fana ka nako ya bona ya boithaopo, kapa ka botsebi, kapa ka dintho tse kang dikgaretene kapa ditulo tsa kantoro. Mekgatlo e mengata eo e seng ya phahello e etsa dikerese, disebediswa tsa ho kampela kapa ba ngola diT-shirt tse rekiswang, mme e etsa ?phahello? ka thekiso ena e le ho lefa ditjeho tsa tshebetso. Mofuta ona wa tshehetso o ke ke wa bitswa ?Ho bokelletsa matlole? , ka hoo lebitso le letjha le sebediswang ke ?Ho batlana le mehlodi.?
Ho na le baamehi ba bararo ba baholo ba nang le seabo pokelletsong ya mehlodi. Wa pele ke Mounamolemo, motho kapa setjhaba se nang le tlhoko. Wa bobedi ke Mofani, motho kapa mokgatlo o nang le tjhelete kapa mehlodi. Wa boraro ke Mokgatlo oo e seng wa phahello, o sebetsang e le leqhama la bohlokwa pakeng tsa mounamolemo le mofani. Tlhaloso efe kapa efe ya ho bokelletsa ditjhelete e lokela ho hlahisa baamehi bana ba bararo. Mohlala ke ona: Ho bopa le ho lekanya tlhokomelo ya setjhaba ya tlhoko (ya batho), le kgokahanyo ya tshebeletso ya mehlodi, ditjhelete, le mananeo a pokelletso ya matlole ho sebetsana le tlhoko eo hantle ka ditjeho tse tlase, mme mofani a kgotsofetse.?
Tlhokahalo ya ho ntshetsa lebaka tjhelete yohle e bokelletsweng lebitsong la lona e tlisa boimamelo ba mesebetsi e phethahetseng mme e fihlelang sepheo, eo hangata e bitswang pokelletso ya matlole ya profeshenale. Pokelletso ya matlole ke e nngwe ya diprofeshene tse holang ka potlako setjhabeng. Ha e sa bonwa e le mosebetsi o sa amoheleheng wa bokopakopa o itshetlehileng letootong le sa kgaotseng la mehopolo e metle eo mokgatlo oo e seng wa phahello o hopolang hore e tla atleha empa e atisa ho hloleha. Le ha pokelletso ya matlole e atisa ho etswa ke baithaopi , kapa batho ba e etsang ka nako tse itseng feela, ke mosebetsi o moholo haholo. Ka hoo mathata a mosebetsi ona a etsa hore babokelletsi ba matlole ba battle boemo ba profeshenale.
Pokelletso ya matlole tikolohong ya kajeno e fetohang e rarahane. Ha ho eso ka ho ba le tsela ya mohlolo ya ho fetola takatso e potlakileng, ya tlokotsi, ho beha ditholwana hang. Ho bile le nako eo ba neng ba lla ka thuso, ba tlerola haholo mme ba fumana thuso eo ba e hlokang. Empa kajeno, ha boraditaba ba eleketeroniki ba se ba tlisa lefatshe le mathata a lona ditjhabaneng tsa rona, setjhaba se se se thatafeletse lefatshe la ditlhoko tse atang dipelo, se felletswe ke tshepo bokgoning ba batho ba ho rarolla mathata a bona a ntseng a hola ho ena le ho fokotseha.
Ho na le tsamaiso tlhahisong ya ditjhelete e tsamayang ka tatelano ho tloha ho boitokisetso ho ya ho ho rera, ho ya ho ntshetsopele le taolo ya lenaneo la pokelletso ya matlole. Pokelletso ya matlole e tla iponahatsa le ho utlwahala ka ho sebedisa katamelo e hlophisehileng e kang ya kgwebo. Le ha ho se mekgwa e ka latelwang e atlehileng ya pokelletso ya matlole, ho na le metheo e sebetsang hantle ditjhabaneng. Metheo ena e lekilweng e thehilwe hodima tsebo ya hore pokelletso ya matlole e dula e le bonono ho feta saense.
Ka ha Mekgatlo eo e seng ya phahello e kgannwa ke takatso ya ho sebetsana le ditaba tsa setjhaba le ho rarolla mathata a setjhaba, e atisa ho shebana haholo le ho rala le ho ho kenya tshebetsong mananeo a tshebeletso le diprojeke. Kgatello e hodima boikarabelo kajeno le yona a hloka hore Mokgatlo oo e seng wa phahello o etse bonnete ba hore ho na le mekgwatsamaiso e lekaneng ho shebana le mehlodi e leng teng. Bongata ba Mekgatlo eo e seng ya phahello e ngodisitsweng e fumane tshehetso ya bafani ba matjhaba dinako tse tswa feta, hangata e le ka ditumellano tse nkang dilemo. Maemo ana ohle a ne a bolela hore tlhokahalo ya ho rerela phumantsho ya ditjhelete ka moso ha e a ka ya shejwa e le ya bohlokwahadi jwalo ka ho fana ka ditshebeletso kapa tsamaiso.
Ha Mohlanka e moholo wa phethahatso kapa Mohokahanyi a kenngwa mosebetsing wa Mokgatlo oo e seng wa phahello lekgotla la taolo le atisa ho fa motho eo boikarabelo ba ho bokelletsa matlole. Pokelletso ya matlole ha se mosebetsi o ka kgonwang ke setho feela sa lekgotla la taolo! Ebang lekgotla la taolo le ipolokela boikarabelo ba pokelletso ya matlole kapa le bo fetisetsa ho e mong wa basebetsi, pokelletso ya matlole ha e atise ho bonwa e le mosebetsi o rerilweng, o batlang nako, bokgoni le mehlodi ya ona feela. Ho ba hobe ho feta ha mokgatlo o ntse o laolwa ke ditakatso tsa mofani e moholo wa ona. O dula o itshetlehile ho ba ka ntle mme ka nako tse ding o kgeloha tseleng ya maikemisetso a ona.
Ntle le mehodi e lekaneng mokgatlo oo e seng wa phahello o ke ke wa phethahatsa maikemisetso a ona, mme ke boikarabelo ba boetapele ba ona ho bona hore mehlodi eo e teng. Sena se bolela hore ho lokela ho tsepamiswa maikutlo haholo ho theheng motheo o tsitsitseng mme wa ka nako tsohle, wa phumantsho ya ditjhelete. Ha sena se se se hlokometswe, pokelletso ya ditjhelete (kappa ho batlana le mehlodi) e ba karolo e tsebahalang ya ditekanyetso tsa ditshenyehelo tsa mokgatlo oo e seng phahello.
Ha Mokgatlo oo e seng wa phahello o lakatsa ho ntshetsa mosebetsi wa ona pele, le ho hohela tshehetso ya ditjhelete bophelong bohle ba tlhokahalo eo, o lokela ho fadimehela tse latelang:
Maikemisetso: Ha mokgatlo o sa tsebe hore o phelelang ha o hloke ho tshehetswa. Polelo ya maikemisetso ya Mokgatlo oo e seng wa phahello e lokela ho fupara ?lebaka la ona la ho ba teng?. Bafani ba ke ke ba fana ka ditjhelete mekgatlong e sa tsebeng hore hobaneng e etsa seo e se etsang.
Moralo wa bokamoso ba mokgatlo: Mekgatlo e mengata eo e seng ya phahello ha e na moralo o ngotsweng fatshe. E fefoha feela e sa tsebe moo e yang. Bobe bo fetisisang ke hore e sebetsa , kapa hona ho tsamaisa diprojeke, feela ha e na le tjhelete. Ha ho mofani ya tla tshehetsa mokgatlo ha o sa tsebe moo o yang kapa o sa tsebe sephetho seo o se lebelletseng.
Kgokahano e sebetsang ya ka hare le ka ntle: Mokgatlo oo e seng wa phahello e phela tikolohong e dulang e fetoha, ka hare le ka ntle. Ha tsena di sa hlahlojwe kgafetsa, ha ho ya tla tseba mohato o lokelang ho nkuwa. Ebang baithaopi le basebetsi ba sa sebetse mmoho ho rala ditsela tsa ho rarolla bothata, le ho sebedisa menyetla, ha ho na ho ba le boitelo ba ho etsa mosebetsi. Ha mokgatlo o sa iphumanele hore o ka hlahisa ditshebeletso tsa ona jwang setjhabeng le ditlhoko tsa ona tsa thuso ya ditjhelete ho batshehetsi, haufinyana o tla kwalwa.
Ho tsetela kgolong ya ona: Mokgatlo o hloka mefuta e meraro ya motheo ya bokgoni: Bokgoni ba ho shebana le bothata kapa ditaba tseo o thehilweng ka baka la tsona.; bokgoni ba ho fumana mehlodi e hlokahalang ho itjara le ho jara diprojeke tsa ona; le bokgoni ba ho tsamaisa tshebetso le mehlodi. Sena se bolela hore ho lokela ho dulwa ho ntse ho tsetelwa tlhabollong ya bokgoni bona ka lekgotla la ona la taolo, basebetsi le baithaopi. O lokela hape ho hlokomela hore ho bokelletsa ditjhetele ho ja tjhelete, mme ka hoo ho lekanyetswe tshenyehelo eo.
Ho bopa dikamano le setjhaba le batshehetsi: Bohare ba ho nnetefaletsa mokgatlo bokamoso bo atlehileng ke ho bopa dikamano le baamani ba bohlokwa. Bana ke batho ba hlokang ditshebeletso le ba fanang ka ditjhelete. Molao wa bohlokwa wa motheo pokelletsong ya matlole ke hore, ha Mokgatlo oo e seng wa phahello o hloka tjhelete o lokela ho kgona ho atamela metswalle ya ona pele. Ho bopa motheo wa ?Metswalle ya ka mehla? ho hloka hore baithaopi bohle le basebetsi ba iphe nako.
Ho sebeletsa bafani le ho boloka tshehetso ya bona: Pokelletso ya ditjhelete e ke ke ya fumaneha ka moso ebang Mokgatlo oo e seng wa phahello o sebedisa mokgwa wa ?ho phamola tjheke, o itahla?. Ho itshwarella ka metswalle le batshehetsi ho bolela ho dula o ba tsebisa, le ho ba fetola balekane ba tshepahalang lenaneong la lona. Ho nka nako ho hodisa le ho boloka dikamano tsena, ka tsamaiso e lokileng le ho kopana ka seqo le ba fetohang batshehetsi ba bohlokwa ba Mokgatlo oo e seng wa phahello.
Lefapha la ntshetsopele ya setjhaba le hlophisitse melawana ena ya pokelletso ya ditjhelete ho ya ka tse hlokwang ke Molao wa Mekgatlo eo e seng ya phahello wa 1997, puisanong le ba amehang karolomoruong ya pokelletso ya ditjhelete. Melawana ena ke ditholwana tsa ponelopele e kopanetsweng ya se etsang tsamaiso e ntle ho batleng tshehetso mehloding e fapaneng. Ka ho ikamahanya le tataiso ena ba sebetsanang le ho bokelletsa ditjhelete bakeng sa Mekgatlo eo e seng ya phahello Afrika Borwa ba tla etsa bonnete ba ho fetola mosebetsi ona ho ba wa profeshenale, mme ka hoo ba tlise tshepo karolomoruong ya Mekgatlo eo e seng ya phahello.
Boitshwaro ho ba sebetsanang le pokelletso ya matlole
Mekgatlo eo e seng ya phahello e iphumana e le dinakong tse boima mabapi le phumantsho ya ditjhelete. Boholo bo tswa nakong eo maemo le boitshwaro di neng di laolwa ke dintho tse pedi tse sa qobeheng: Ditlhoko tsa ditjhabana tseo Mokgatlo ka mong oo e seng wa phahello e shebaneng le tsona; le maikemisetso a pepenene kapa ao ka nako tse ding a patehileng a bafani. Boemo bona ha bo a ka ba fana ka sebaka se setle sa puisano tsa boitshwaro le boitlhompho. Mekgatlo eo e seng ya phahello e ne e kgannwa haholo ke ho tata. Empa ho na le matshwao a seabo se hlahang sa ho nka bohato pele se kgannwang ke demokrasi sa Mekgatlo eo e seng ya phahello ya Afrika Borwa. Ha eba Mekgatlo eo e seng ya phahello e lokela ho ba bahlokomedi ba tswelopele e kgannwang ke stjhaba; e le baemedi ba nkang bohato pele ho ena le ho kgannelwa bohatong; e laolwa ke maikemisetso a yona ho ena le ditakatso tsa mehlodi ya ditjhelete; ha ho le jwalo Mekgatlo eo e seng ya phahello e lokela ho itseba, ho tseba moo e yang, le hore e lokela ho itshwara jwang kgabarebareng.
Ho na le tlwaelo e akaretsang sethabeng ya ho dumela hore ba sebetsanang le mekgatlo eo e seng ya phahello e thehetsweng ho sebetsana le setjhaba ba lokela ho beha mohlala wa boitshwaro. Ho lebellwa hore karolomoruo ya Mekgatlo eo e seng ya phahello e hloke sekodi. Babokelletsi ba matlole ha ba itekola ba ka iphumana ba botsa dipotso tse thata jwalo ka : ?Profeshene ya rona e phelelang?? kapa ?babokelletsi ba matlole ba phehisa jwang molemong wa bohle?? kapa ?Babokelletsi ba matlole ba itshwarella ka maemo afe a tshwanang??kapa ?Ho itjheba bowena ho tshwaetsa babokelli ba matlole le mekgatlo ya bona jwang?? kapa ?Ke dintho dife tse ka kgothatsang babokelli ba matlole??
Ho nkela pokelletso ya matlole hloohong ho etsa hore karolomoruo ya Mekgatlo eo e seng ya phahello e ipotse hore mosebetsi oo ke profeshene kapa tjhe. Le ha pokelletso ya matlole e sa nkwe ka molao e le profeshene e se e kgathile tema ho ya boprofeshenaleng. Dilemong tse tswa feta setjhaba se se se ile sa tlwaela ho bitsa motho kapa sehlopha se lefelwang ho bokelletsa matlole ?Babokelletsi ba matlole ba profeshenale.? Ho fihlela boemo ba profeshenele ho hloka boemo bo itseng ba taolo ya moya le boitshwaro ba fetang ho mpa o etsa mosebetsi ka bokgoni. Maemo le metheo e sebediswang mosebetsing wa pokelletso ya matlole a bontsha le ho tiisa sepheo le tsela ya ho etsa dintho ya mokgatlo ofe kapa ofe oo e seng wa phahello. Ka mantswe a mang tsela eo mokgatlo oo e seng wa phahello o sebetsang le ho bokelletsa matlole e bontsha seo o leng sona, mme e ka ba ya supa le boleng ba mokgatlo oo.
Mekgatlo e mengata eo e seng ya phahello e ipokellela matlole ka boyona mme mosebetsi oo hangata o jarwa ke Mohlanka e moholo wa phethahatso. Ka nako tse ding Mohlanka e moholo wa phethahatso o thusana le komiti ya pokelletso ya matlole e kgethilweng ke lekgotla la taolo. Mekgatlo eo e seng ya phahello e holang kapa e meholwanyane e hira basebetsi ba ka mehla kapa ba nako tse itseng kapa lefapha la batho ho jara boikarabelo ba letsatsi le letsatsi ba ho bokelletsa ditjhelete. Ho na le batho kapa mekgatlo e fanang ka ditshebeletso tsa yona ho mekgatlo eo e seng ya phahello e le ?babokelletsi ba matlole ba profeshenele? mme ba bokelletsa ditjhelete lebitsong la mokgatlo oo e seng wa phahello ka tumellano ya khomishene kappa ya tshallo kappa bobedi. Baeletsi le bona ba a fumaneha Afrika Borwa. Ha ba bokelletse ditjhelete, empa ba thusa ho bopa bokgoni ba mokgatlo ba ho batla ditjhelete ka ho fana ka dikeletso, thupelo le ho tataisa basebetsi mokgatlong oo e seng wa phahello le dikomiting tsa ona.
Ditjhabeng tsa botjhaba bo fapaneng ditlwaelo le meetlo ya sehlopha se itseng ha se ka mehla e amohelwang ke se seng; mme sena se bonahala le mekgatlong e sebeletsang ba moetlo o itseng empa e bokelletsa matlole ho ba moetlo o mong. Ho tseba ka bobatsi tikoloho eo ho bokelletswang matlole ho yona bakeng sa lebaka le itseng le ikgethang ke hwa bohlokwa ho babokelletsi ba matlole hore ba be le tjhadimo e lekalekaneng, mme e tswetseng pele ya mosebetsi wa bona. Mosebetsi wa ho bokelletsa matlole, ha o ntse o fetoha wa profeshenale ho feta, o a pepeseha, o a totobala, o ba le boikarabelo ho ba fanang ka tjhelete le mehlodi e meng ya bona.
Mokgatlo ka mong oo e seng wa phahello, hore o tle o phele halelele, o lokela ho ipehela maemo a ho etsa kgwebo ya ona. Ha feela mesebetsi ya ona e sa amohelehe ho ba ka kgonang ho fana mokgatlo oo o tla potlaka ho fellwa ke mehlodi. Sena hangata se latela takatso ya mokgatlo le boetapele ba ona, ho kenyelletswa le babokelletsi ba matlole, ya ho qala ka ho hlompha tlhophiso ya ka hare ya botsamaisi ya ho hlopholla, ho rera, ho phethahatsa, ho laola, ho disa, le ho hlahloba. Ho amohela pokelletso ya ditjhelete e le mosebetsi wa botsamaisi ho tla bontsha boemo ba boitaolo ba ka hare bo leng teng ka hara mokgatlo.
Phuputsong e akaretsang setjhaba sa Amerika ka 1989 ke feela diperesente tse 37 tse reng babokelletsi ba matlole ba a tshepahala. Maikutlo a setjhaba sa Afrika Borwa ha a eso tsejwe, empa ke babokelletsi ba seng bakae ba ka hananang le tlhokahalo ya ho beha maemo a mokgatlo le a boprofeshenale a thehilweng hodima metheo ya botho e tlwaelehileng e ngotsweng Temaneng ya A maqepheng a ?? le ??.
Maemo le metheo ya boitshwaro e laolang tsamaiso ya pokelletso ya ditjhelete di na le seabo sa bohlokwa se ikgethileng ho ya ka phehiso ya Mekgatlo eo e seng ya phahello molemong wa bohle.
Boikarabelo ba mmokelletsi wa matlole
Ho ya ka maemo a hlalositsweng ka hodimo boitshwaro ba profeshenale ba mmokeleltsi wa matlole ya sebetsang ka hara Mokgatlo oo e seng wa phahello kapa mmokelletsi wa matlole ya ka ntle ya sebeletsang Mokgatlo oo e seng wa phahello e lokela ho ba bo jwang? Hopola hore motho ya bokelletsa matlole e ka nna ya eba setho sa lekgotla la taolo, kapa Mohlanka e moholo wa phethahatso, kapa mosebetsi, kapa moithaopi, kapa motho ya tswang ka ntle. Mmokelletsi wa matlole o lokela:
Ho utlwisisa maikemisetso a mokgatlo mme a hlabolle mesebetsi ya ho bokelletsa matlole e ahellang maikemisetsong ao le ho ho thusa mokgatlo ho a phethahatsa;
Ho ba le kutlwisiso e tebileng ya tjhadimo, mananeo le diprojeke, le tsebo ya setjhaba se unang molemo; a bontshe bokgoni ba ho fetolela kutlwisiso le tsebo ena kgokahanong e sebetsang ya ho bokelletsa matlole;
Ho ba motho ya phutholohileng, mme ya ponelopele. Moralo ofe kapa ofe wa pokelletso ya matlole kapa mosebetsi ofe kapa ofe o lokela ho bontsha ho hloka ho potlakelwa, boikgetho, ho kgema mmoho le ho lokela mananeo le diprojeke tse etswang ke mokgatlo oo e seng wa phahello;
Ho fumanela mokgatlo tshehetso ka mokgwa o totobetseng, o nang le nnete, mme o tshepahalang; a hanyetse moleko wa ho hodisa kappa ho hakanya bokgoni ba mokgatlo ba ho fihlela diphetho tseo o di tshepisitseng;
Ho kgona ho qoholla ba ka kgonang ho fana ka ho sibolla dikgokahano, ditshekamelo le bokgoni ba bona ba ditjhelete; a ikakgele ka setotswana ho fumaneng ya nang le bokgoni, mme a amohele boikarabelo ba ho batlana le ditjhelete ho fihlela dipehelo tsa hae ka ho fihlela tseo a lokelang ho di fihlela;
Ho phehisa boitekong ba ho bopa profeshene ya pokelletso ya matlole e hlomphehang, e amohelang hore makgetha a nnete a profeshene e jwalo ke hore:
E lokela ho ba mosebetsi wa nako tsohle;
Thupelo e hlophisitsweng e a hlokahala;
Ho na le tlhokahalo ya ho qaptjwa ha mokgatlo wa profeshenale, ho ba setho sa ona le ho o sebelletsa;
Ho na le tlhokahalo ya ho bopa melao ya motheo ya boitshwaro.
Ho bontsha boikarabelo ba bona ba profeshenale, mme ka hoo a behe merero ya mokgatlo oo e seng wa phahello le bao o ba sebelletsang pele ho tsohle;
Ha ho hlokahala, ho hlompha le ho ikobela mokgatlo oo e seng wa phahello ka ho eletsa le ho thusa mabapi le ho phethahatsa merero ya ona le dintlha tse ding tse amanang le tsamaiso ya ka hare ya phano ya ditjhelete;
Ho kgothalletsa le ho tshehetsa ka ho phethahala Thuto le thupelo ya boemo bo phahameng ka moo ho kgonahalang ho ba ikarabellang pokelletsong ya ditjhelete mme a etse sohle ho ntlafatsa maemo a botsebi le tshebetso ka hara profeshene ena. A kgonahatse ho bontshana mabaka, ho phetelana tseo ba kopaneng le tsona le diketsahalo e le ho phehisa tsebong e kopanetsweng ya ho bokelletsa matlole, botle ba mokgatlo le baemedi ba babokelletsi ba matlole ba sebetsang lebitsong la bona le katleho ya se etswang ke mekgatlo le baemedi le batho bao e ba sebeletsang;
Ka moya o motle a sebedisane le bomphato ba hae ho thibela tshebetso e bohlaswa le ho fedisa boitshwaro bo bobe, bo sa rateheng ka hara profeshene ya ho bokelletsa ditjhelete, mme ka ho ikgetha ba tla hanana le ho se kgeme mmoho le:
ho qala leshano hofe kapa hofe ka tsa hae, ho kenyelletswa le ho fetelletsa dikatleho tse fetileng, kapa ditshepiso tsa ho bokelletsa matlole e sa kgonahaleng;
tumellano ya ho bokelletsa ditjhelete ka tiisetso ya tefo ka mokgwa ofe kappa ofe bakeng sa ho se fihlele merero e boletsweng ya ditjhelete; kapa ho kenyelletsa ditjeho tse patehileng tse tla lefshwa ke mokgatlo kapa moemedi ya amohelang tshebeletso ya pokelletso ya matlole.
A lepe pokelletso ya matlole ho ya ka bolekodi ba profeshenale ba maemo le ka moo a amanang le tsa bohlokwa mabapi le sephetho seo.
Ho hira mmokelletsi wa matlole wa ka ntle
Baetapele ba makgotla a taolo a Mekgatlo eo e seng ya phahello ba ye ba lakatse ho beha pokelletso ya ditjhelete matsohong a ba ipitsang ?babokelletsi ba profeshenale.? Sena hangata se bolela hore motho ya itseng o tla batla karolwana ya tjhelete eo ba e bokelleditseng (jwalo ka 15%) le/kapa tshallo. Mohopolo wa hore mokgatlo o lefe feela ha tjhelete e bokelleditswe o bonahala e le mohopolo o motle. Ka lehlakoreng le leng mmokelletsi wa matlole a ka batla ho lefshwa tshallo e tsepameng ya kgwedi le kgwedi. Le ha ho le jwalo ditlhophiso tsena di ka baka mathata a kang:
Kajeno bafani ba batla ho tseba hore thjhelete ya bona e sebedisetswa ho thibela tlhokahalo eo ba e arabetseng. Ha karolwana ya mpho ya bona e nkwa ke motladipakeng (mmokelletsi wa matlole ya lefshwang khomishene) ba na le tokelo yohle ya ho belaella maikemisetso a hae.
Bafani ba tla batla ho tseba hore ke karolo e kae ya tjhelete tseo ba di fang motladipakeng tse qetellang di finyelletse mokgatlong oo a o emetseng, le ha tjhelete e filwe mokgatlo kaofela.
Ho nnetefatsa ho fumana dimpho bafaning ba baholo ke mosebetsi wa nako e telele. Sena ha se dumellane le mmokelletsi ya lefshwang khomoshene, ya batlang hore ho fihlwe tumellanong ka pele ka moo ho kgonahalang e le hore a fumane se mo lokelang kgwedi le kgwedi.
Mekgatlo eo e seng ya phahello e lokela hore e be e kgodisehile jwale hore pokelletso ya ditjhelete e sebetsang e rarahane haholo bakeng sa tharollo tse bonolo jwalo ka ho lefa khomishene. Dimpho tse ding ho nka dilemo ho di buella le ho di fumana.
Ho latedisa kuno e akgang khomishene ka hare ho hloka tsamaiso e phethahetseng. Ha ho ena le dipokelletso tsa matlole le mesebetsi ya kgokahano le setjhaba e mengata e etsahalang ka nako e le nngwe, Mokgatlo oo e seng wa phahello o tla kgona jwang ho arola dimpho tse tlileng ka baka la ?morekisi? le tse sa tlang ka yena? O ka kgona jwang ho lekanya tshusumetso ya mmokelletsi ya lefshwang khomishene maemong aa ka bonngwe?
Ha se ka mehla bafani ba baholo ba nang le tjhelete, empa ba ka tshepisa ho fana ka nako tse itseng, ka diqonwana tse latelanang kapa ka tefo e le nngwe ka nako e itseng e tlang. Ho etsahalang ha tshepiso e sa phethahale? ? Naa mokgatlo oo e seng wa phahello o tla nne o lefe khomishene kapa o tla tseka hore e kgutle?
Diboto tsa baithaopi di ka tenwa ke ha di entse mosebetsi o mongata wa ho tsosa moya wa ba ka fanang mme mmokelletsi ya lefshwang khomishene yena a lefellwa ho ?qetela ditaba?.
Basebetsi bohle ba Mokgatlo oo e seng wa phahello ba ikutlwa jwang ha motho a le mong a lefshwa ho ya ka bohlahisi ba bona? Ke ka lebaka lang mmokelletsi eo wa ditjhelete a qohollwang ho tshwarwa hantle?
Ha ho mohla ho ka bang le tiiso ya hore ya tobilweng o tla dumela, ka hoo bonnete ba hore o tla dumela hakae ha bo yo. Ha ho ba thata mmokelletsi ya lefshwang khomishene a ka nna a batla tsela ya ho ikgula.
Lebitsong la ho hapa kuno mmokelletsi wa ditjhelete a ka lakatsa ho kgutsufatsa dipuisano e le ho iphumanela ?e? boemo ba mpho bo sa le tlaase le ha mofani a ntse a ena le bokgoni bo fetang.
Babokelletsi ba lefshwang khomishene ba ka wela molekong wa ho bua ka Mokgatlo oo e seng wa phahello oo ba o emetseng ka tsela a tla ba ratisa bafani. Ena ke yona kotsi ya sebele ha mmokelletsi wa ditjhelete a sa hirwa ke mokgatlo. Ba reng ka Mokgatlo oo e seng wa phahello? See se ama seriti seo Mokgatlo oo e seng wa phahello o ikahetseng sona jwang? Naa see se tla tiisa kamano ya nako e telele pakeng tsa Mokgatlo oo e seng wa phahello le mofani ? ona mokokotlo wa phumano ya ditjhelete ya ka nako tsohle le e tshepahalang?
Bafani ba batla ho ba le kamano le ba sebedisang tjhelete ya bona. Bongata ba bafani ba ditjhelete ha ba a ikemisetsa ho bua le mmokelletsi wa matlole ya ka thoko. Morao tjena bafani ba bang ba baholo ba hlalosa sena tataisong ya bona ya phano ya ditjhelete.
Tumellano e toboketsang dintlha e lokela ho saenwa ke Mokgatlo oo e seng wa phahello le mmokelletsi wa matlolwe kapa mokgatlo o bokelletsang matlole. Tumellano ena e lokela ho hlaka: Ho qaqisa boikarabelo ba mahlakore ka bobedi; e behe kuno e lokelang ho fihlelwa; e hlalose ditshenyehelo tsa tsamaiso kapa maeto le hore di tla laolwa jwang; e kenyelletse le kgonahalo ya ho hlahloba tswelopele; e hlalose hore ke mang ya ?ruang? kamano le bafani nakong ya tumellano le hoba e fete; e fane ka monyetla ho Mokgatlo oo e seng wa phahello kapa mmokelletsi wa matlole ho fedisa tumellano ka ho fana ka tlhokomediso ya matsatsi a 30.
Pokelletso ya ditjhelete e akgang khomishene e sebetsa hantle ka nako e kgutshwanyane jwalo ka ha ho hlophiswa mokete wa ho bokelletsa matlole kapa tlhodisano. Mmokelletsi wa matlole o amohela peresente tse itseng tsa kuno e ntshitseng ditjeho tsohle. Ha Mokgatlo oo e seng wa phahello o rera ho saena tumellano le mmokelletsi wa matlole ya ka thoko ke bohlale ka mehla ho fumana maikutlo a bao a ba sebeleditseng pele.
Ho hira moeletsi pokelletsong ya matlole
Buka e hlalosang mantswe e hlalosa moeletsi e le ?motho ya fanang ka keletso ya profeshenale kapa ya tekeniki, jwalo ka ngaka, ramolao, moenjiniri, mohlophisi, jj? Moeletsi wa pokelletso ya matlole o sebetsa le basebetsi ba ka sehloohong mmoho le ditho tsa lekgotla la taolo ho tsamaisa ditaba tsa pokelletso ya matlole le ditaba tsa mokgatlo tse amanang le yona. Mekgwa le ditshebeletso di fapana ho ya ka baeletsi le ho ya ka maemo a ditaba.
Moeletsi a ka ho bonwa e le motswalle e moholo kapa sera sa mokgatlo empa a nne a thuse mokgatlo ho fihlela diphetoho tse hlokwang. Motho enwa a ka bonahala mokgatlong ka dinako tse itseng feela kappa a hla a dula teng. Taba ya bohlokwa ke hore ho lokela ho ba le kutlwano e matla ya tshehetsano pakeng tsa mosebelletswa le moeletsi. Moeletsi o lokela ho kgona ho phethahatsa ditlhoko tsa mokgatlo mme a be le boitsebelo bo lekaneng ho thusa mokgatlo ho sebetsana le mathata a ona.
Lekgotla la taolo la mokgatlo oo e seng wa phahello le basebetsi ba lokela ho tshepa moeletsi wa bona mme ba se ke ba sebetsa ka ho hanana le matsapa ao ho dumellanweng ka ona. Ditsebi tsa pokelletso ya matlole di etsa mekga e latelang ya mosebetsi:
Matsholo a maholo a ikgethang: Lena ke letsholo la ho bokelletsa matlole a mangata bafaning ba mmalwa ka nako e behilweng. Moeletsi a ka ba le seabo sa ho laola letsholo lena. O tla kgothalletsa diphuputso tsa kgonahalo ho ithuta maikutlo a ya ka fanang mabapi le letsholo leo pele mokgatlo o itahlela ka setotswana ho lona. Moeletsi o ikopanya le baetapele ba setjhaba le ba ka fanang, mme o etsa tlaleho le dikgothaletso. Moeletsi o tla be a kwetlise le bakopi.
Matsholo a tshehetso ya tshebetso le a selemo le selemo: Mekgatlo e hloka ho ba le tjhelete e dulang e kena ho lefella ditshenyehelo tsa tshebetso tsa kgwedi le kgwedi. Mokgwa wa bohlokwa ka ho fetisisa o sebediswang ke wa mangolo, ebang e le boipiletso ho bafani kapa ho eketsa le ho hopotsa ditho le ba ingodisitseng. Baeletsi ba ka thusa Mekgatlo eo e seng ya phahello ho hlophisa mokgwa-tsamaiso wa bofani le pokelletso ya ditjhelete e tlisang kuno ena e hlokahalang ya ka mehla. Kopano ena e ka boela ya kenyelletsa mananeo a botho, a boitlamo ba bafani, diketsahalo tse ikgethang, thekiso ya ditshebeletso le dipapadi tsa ho iteka lehlohonolo.
Ho tlwaetsa le ho rupela basebetsi ba baithaopi: Ho a hlokahala hore baeletsi ba fetisetse tsebo ya bona le bokgoni mekgatlong eo ba e sebeletsang hore e tle e ikgapele bokgoni bo tla etsa hore e ikemele. Baeletsi ba ka fana ka thupelo e hlophisitsweng diwekeshopong le diseminareng le tataiso mosebetsing ha ba ntse ba thusa basebetsi le baithaopi ho Kenya tshebetsong matsapa a pokelletso ya ditjhelete.
Ditshebeletso tse ding tsa tshehetso: Mekgatlo eo e seng ya phahello e na le tokelo ya ho ngongorehiswa ke hore na mananeo a yona a pokelletso ya ditjhelete a a sebetsa na. Diboto di ka kgathatseha mabapi le boetapele ba tsona, matla a basebetsi, dikamano le setjhaba le dikarolwana tse ding tse ngata tsa lenaneo la pokelletso ya ditjhelete. Moeletsi a ka bitswa ho tla hlakisa boemo ba bona ba pokelletso ya matlole, le ho kgothalletsa mehato e hlokahalang bakeng sa ho kena tshebetsong ya pokelletso ya ditjhelete e sebetsang. Ka hoo ba ka bitswa ho tla thusa ka ho rera botjha mokgatlo le matsapa a pokelletso ya ditjhelete.
Dimpho: Ena e dutse e le karolo ya pokelletso ya matlole e sa hlokomelweng ka ho fetisisa, mme ke yona e ditjeho di tlase ka ho fetisisa. Kuno e tswang dimphong tsa bafani ba baholo, diwili, dipholisi tsa inshorense le matsete a mang di ka fana ka kuno e dulang e kena bakeng sa ditshenyehelo tsa tshebetso dilemong tse latelang. Baeletsi ba tla thusa ka ho kenya tshebetsong leano la dimpho le ho kwetlisa basebetsi le baithaopi ho le sebedisa.
Ho na le mehato e mengata e lokelang ho latelwa ha ho hirwa moeletsi wa pokelletso ya matlole:
Ithute ditlhoko tsa mokgatlo wa heno: Mokgatlo o hlokang, mme o ka kgona ho lefa bokae? Mohato wa pele wa ho bitsa moeletsi ke wa ka hare. Baeletsi ba etsa mesebetsi e mengata, empa mokgatlo a lokela ho hoopla hore boiteko bofe kapa bofe ba ho bokelletsa tjhelete ke phutholoho ya diketsahalo ya nako e telele, mme ho lefa moeletsi ho tla ba le tshwaetso lenaneong la pokelletso ya matlole nako e telele le ka mora ho fela ha tumellano. Mokgatlo oo e seng wa phahello o lokela ho tseba hantle seo moeletsi a lokelang ho se etsetsa mokgatlo le hore tshebeletso eo e ka lefellwa bokae.
Etsa lenane la baeletsi: Bua le mekgatlo e meng eo e seng ya phahello ka tseo ba kopaneng le tsona. Ba kgothalletsa ditshebeletso tsa mang?
Ngola ditlhoko tsa mokgatlo: Kopa hore moeletsi ka mong ho bao le tla kgetha ho bona a arabe ka lengolo. E ka ba karabo feela kapa boikopelo bo hlophisitsweng, mme o lokela ho kenyelletsa le kakanyo ya ditefello. Lesedi lena le tla thusa Mokgatlo oo e seng wa phahello ho etsa qeto ya hore ke ditshebeletso dife tse nyalanang le ditlhoko tseo ba di qohollotseng. Lesedi le fetang moo le ka bokelletswa ka mohala ho fihlela mokgatlo o kgotsofetse hore o na le tse lekaneng ho rerela qeto ya makgaolakgang.
Ikopanye le ba nang le thahasello: Etsa bonnete ba hore modulasetulo wa lekgotla la taolo kappa Mohlanka e moholo wa phethahatso kapa Modulasetulo wa komiti e bokelletsang ditjhelete ? kapa bona ka boraro ? ba teng kopanong tseo. Faa moeletsi ka mong nako e lekaneng ya ho itlhahisa ka ho phethahala le ho araba dipotso. Ho ka ba molemo ho hlophisa dipotso pele e le hore sehlopha sa mokgatlo se fumane seo se se hlokang kopanong ka nngwe.
Batlisisisa dipaki: Komiti e lokela ho etsa qeto ka mora dikopano, mme ho hlokahala hore ho batlisiswe dipaki tseo moikopedi ka mong a faneng ka tsona. Kgetha palo e itseng ya basebelletswa ba jwale le ba fetileng. O ka hloka ho tseba hore ke mosebeletsi ofe wa moeletsi eo o tla sebetsa le yena, mme o kopane le yena. Ke sa bohlokwa hore moeletsi a be a se a kile a bokelletsa matlole ka katleho, mme a ena le tsebo e ikgethang pokelletsong ya ditjhelete.
Kgetha moeletsi: Se busetseng ho nkwa ha qeto morao. Etsang qeto kopano le lesedi leo le le fumaneng le sa le letjha ho lona. Ebang qeto e le ho ema nakwana, ho lokile, ha feela qeto e entswe. Ho sitwa ho tswela boemong bona ho supa ho hloka boikitlaetso ha ditho tsa bohlokwa tsa lekgotla la taolo le basebetsi bakeng sa se rerilweng pejana. Ha ho mosebetsi wa maoeletsi o tla hlakola ho hloka boikitlaetso ha boetapele. Ebang ho etswa qeto ya ho hira ikopanyeng le moeletsi ya kgethilweng hang.
Ipuelleng hore le fumane kontraka e tsitsitseng: Kontraka e tlamang ka molao ke motheo wa kamano pakeng tsa Mokgatlo oo e seng wa phahello le moeletsi. Sebetsang mmoho le moeletsi ho etsa tokomane e bontshang kamano eo le ikopelang yona. Ha ho eso ka ho etswa kontraka ya boemedi e reretsweng ho sebediswa ke bohle Afrika Borwa. ? Moeletsi ka mong o itshebeletsa ho ya ka moo a bonang.
Ho a utlwahala hore boeletsi ke ntho e sa leng ntjha haholo karolomoruong ya Mekgatlo eo e seng ya phahello. Ntle le ho se utlwisise seabo sa moeletsi, Mekgatlo eo e seng ya phahello e atisa ho thatafaletsa ba lekang ho kenya maemo a matjha a tshebetso ya bopfrofeshenale a pokelletso ya ditjhelete Afrika Borwa ka mekgwa e latelang:
Ho tlwaelehile hore baeletsi ba fane ka hora kapa tse pedi tsa pele ntle le tefiso (pro bono). Kopanong ena ya pele Mokgatlo oo e seng wa phahello o lokela ho hlalosa ditlhoko tsa ona mme moeletsi o bontsha mehato e ka nkuwang ho phethahatsa ditlhoko tseo. Le ha ho le jwalo, baemedi ba bang ba Mekgatlo eo e seng ya phahello ba atisa ho sebedisa monyetla ona wa kopano ya pele mme ba leke ho ?nyanya? dikeletso tsa moeletsi ? Ha ke re ke mahala!
Mekgatlo eo e e seng ya phahello e hopola ka phoso hore baeletsi ba tla ba bokellela matlole mmoho le ya khomishene. Phoso ena e bakwa ke ho hloka kutlwisiso le ke mesebetsi ya bahwebi ba tsamayang ba ipitsa ?babokelletsi ba matlole ba profeshenale?.
Ke tlwaelo hore moeletsi a fane ka boikopelo kapa khotheishene e qaqileng ho Mokgatlo oo e seng wa phahello. Tokomaneng ena, eo hangata e leng telele, meedi ya tumellano e a hlaloswa, ho fanwa ka tlhaloso ya boeletsi bo lohothwang mohato ka mohato, mmoho le tlhaloso e qaqileng ya ditjeho. Moeletsi o lebelletse hore boikopelo bo arabelwe, le ha e ka ba ?tjhe, re a leboha?. Empa se atisang ho etsahalla baeletsi ke hore robong leshomeng le leng le le leng la Mekgatlo eo e seng ya phahello ha e ikgathatse ho bolela hore e amohetse boikopelo, re se re sa bue ka ho fana ka qeto ya bona.
Le leng la mabaka a tswalang se sa tswa bolelwa ke hobane hangata lekgotla la taolo la Mokgatlo oo e seng wa phahello ha le a ka la ba le seabo dipuisanong tse lebisang qetong ya ho hira moeletsi. Qeto ena a nkilwe ka boinahanelo ba Mohlanka e moholo wa phethahatso. Ka hoo ha boikopelo bo kena lekgotla la taolo le iphapanya bona. Sena hape se supa hore pokelletso ya matlole e dula e le mosebetsi o bodutu Mekgatlong e mengata eo e seng ya phahello, bakeng sa ho ba le leng la maballo a bohlokwa ao lekgotla la taolo le itshetlehileng ka ona. Ka hoo ho hirwa ha moeletsi ho eketsa ho hlora ha basebetsi. Dikgothalletso tse ntjha ha di finyelle lekgotleng la taolo, re se re sa bue ka ho di tjhaella monwana.
Ho bonahala eka boholo ba Mekgatlo eo e seng ya phahello ha bo etse ditekanyetso tsa tjhelete e tla sebediswa ditjehong tsa pokelletso ya matlole. Sena se eketsa ho hloreng ha basebetsi le moeletsi, ba lebelletsweng ho etsa mehlolo ntle le mehlodi.
Baeletsi ba atisa ho bitsetswa ho tla thusa ka ditaba tsa pokelletso ya ditjhelete, empa e le hore boholo ba nako mathata a phumantsho ya ditjhelete ke a ka hare, a qalang ka puso le tsamaiso. Bothata e se hore ha ho tjhelete e tswang bafaning, e mpa e le hore Mokgatlo oo e seng wa phahello ha o a hlophiseha hantle ho ka kopa tjhelete le ho e hlokomela.
Moya o senyang kamano e atlehileng mahareng a Mokgatlo oo e seng wa phahello le moeletsi:
Mokgatlo o batla pheko ya ka pele, mme yona ha e yo.
Baeletsi ba bitswa ke mekgatlo ha e se e le mathateng a maholo.
Hangata mathata a bonwang e le ditaba tsa pokelletso ya ditjhelete ke ditaba tsa tsamaiso le puso kapa mokgatlo o lahlehetswe ke tsela.
Mekgatlo ha e utlwisise taba ya khomishene hantle.
Mekgatlo e labella hore moeletsi e be mmokelledi wa bona wa ditjhelete.
Lekgotla la taolo le a tseba hore ho na le mathata a phumano ya ditjhelete empa ha ba rate ho ba karolo ya tharollo.
Ho itshetlehilwe haholo ka motheo o patisaneng wa phumano ya ditjhelete ? dikgwebo tse kgolo, difaondeishene le bafani.
Mekgatlo ha e hlokomele hore pokelletso ya ditjhelete ke mosebetsi wa nako tsohle, mme sena se etsa hore tshebediso ya dikgothalletso tsa moeletsi e be boima.
Karolo ya C: Seabo le boikarabelo ba bafani le batshehetsi ka ditjhelete
Selelekela
Re phela ka seo re se fumanang, empa re phedisa ka seo re fanang ka sona? (Winston Churchill).
Polelo ena e otla botsekeng seo karolomoruo ya mekgatlo eo e seng ya phahello e leng sona le maikutlo a ho phethahatsa thomo e bonahalang ho Maafrika Borwa a ka bang dimilione di tharo a sebetsang ho yona e le basebetsi kapa baithaopi. Mosebetsi ona o kganahatswa ke boitelo le ho fana ka pelo tsohle ha motho ka mong le mekgatlo e bitswang bafani. Moya ona wa ho kgathalla le ho itshwenya ka batho ba bang o fuperwe ke lentswe, ?bopelokutlwelo?, le utlwisiswang e le ho fana ka boithaopo molemong wa bohle.
Lentswe ?bopelokutlwelo? (philanthropy) le hlahelletseng puong ya Senyesemane lemokgolong sa bo17 le etswa Sekgerikeng (Philanthropia ? ?Lerato ho batho? ) le se le ile la sebediswa ho hlalosa mekgwatshebetso ya motheo wa boitshwaro le bodumedi, mekga e fapaneng ya mehopolo le maemo a fapaneng a setjhaba. Le ile le amanngwa le thekolohelo, moya ya botjhaba, botho, taolo ya setjhaba le tshebeletso ya setjhaba. Ha ho a fuputswa kapa hona ho ngola hahollo ka nalane, tsa kajeno le bokamoso ba ?bopelokutlwelo.? Ha ho letho le fupuditsweng kapa le ngotsweng ka ho fana ho ya ka boafrika. Empa ke ntho e matlahadi e amang boleng ba bophelo le tse kgothalletswang ke batho. Dilemo tse fetang 6 000 bopelokutlwelo bo ile ba tshehetsa ka ditjhelete dintweng, ba aha ditempele, ba aha diyunivesithi, ba theha mekgatlo, ba boloka botjhaba, ba ba ba fetola tsela ya histori ya lefatshe.
Machaena a rutilwe hore tlhokomelo ya ba bang ke botho ba motho ka mong. Ha re sheba morao historing ya Majuta, re fumana hore ketso ya ho fana (Esaya 58:7) le ho nehelana ka karolo ya leshome (Deuternoma 14:22) e ne e le karolo ya bophelo kamanong le batho ba bang. Bojuta bo ile ba tshwaetsa mehopolo ya sethathong ya sekreste le tshebetso ya bopelokutlwelo. Moaposetola Pauluse o ile a hlabolla mohopollo wa Baheberu wa bohlokomedi, moo ho utlwisiswang hore morui ha se monnga leruo, empa e le feela mohlokomedi wa leruo le matsohong a hae (Genese 1:26), mme o lokela ke hona ho le sebedisa ho ya ka taelo ya Modimo (2Bakorinthe 8:9). Boikgathatso ba bakreste ba pele ka ba hlokang, ka karolelano ya leruo, le ka ho bopa maikutlo a bonngwe ho ba kgemang mmoho tumelong, di ne di nkuwa e le pontsho ya lerato la Bokreste.
Bopelokutlwelo bo ka boela ba bonwa morao mehleng ya dingolwa tsa Maegepeta tse neng di bua ka ho fana e le ho thabisa batho ba bang le ho ba nolofaletsa bophelo. Kutlwisiso ya Makgerike le Maroma ya bopelokutlwelo e fapana le ya Maekgepeta ka ha e lebisitswe diketsong tse lokileng ?tse etswang bathong,? e se feela mafutsana le bahloki. Leano la bona le ba tataisang le ruta mopolo wa boikarabelo ba setjhaba ka mokgwa wa diprojeke tse thusang le ka dimpho. Yuropo bophirimela kereke e ile ya fumana mosebetsi o mongata wa ho theha tumelo ya lerato ho batho ba bang ka ho kgothalletsa le ho tshehetsa dimphong tsa mekgatlo ya thekolohelo jwalo ka dipetlele, dikholetjhe, le ditulo tsa baitlami tse nang le mesebetsi e hlalositsweng hantle e le ya ho hlokomela mafutsana. Mafatsheng a bokatoliki kereke e ile ya nna ya tswela pele ka mosebetsi wa thekolohelo le wa thuto ka taolo e seng kae ya mmuso.
Mohopolo wa ho ipopela boithaopo thekolohelong o hlahile ka maemo a matjha a setjhaba le moruo a amanngwang le ho namela mafatsheng a mose ho mawatle le diphetoho tsa indasteri le tlhokahalo ya lebotho la basebetsi le theko e bobebe empa le tshepahala.
Mehopolo ya morao tjena ya bopelokutlwelo e ile ya hasanngwa ka lefatshe lohle ha mekgatlo ya bodumedi e ema ka maoto ho ?sokollela bokresteng? le ho ?hlabolla? baahi ba ditjhaba tse mose ho mawatle, le ho tshehetsa mebuso e holang ya bokoloniale, jwalo ka ha ho etsahetse Afrika e ka borwa. Karolwaneng ya ho qetela ya lemokgolo sa bo19 le dilemong tse qalang lemokgolo sa bo20 re bone sehlohlolo sa tse fihletsweng ke bopelokutlwelo. Ho fana ho hoholo, nakong ya ho phela ha bafani le ditaelo maruong a bafu (maruo a salang ha motho a eshwa), a ile a tswela pele ho lebiswa mekgatlong ya thekolohelo le ya bodumedi. Ho ile ha tswelwa pele ho hatella tshebediso ya bopelokutlwelo ho thibela dikgahello tsamaisong ya setjhaba le bakeng sa ntlafatso e akaretsang ya boleng ba tlhaboloho.
Mekgatlo e mengata ya bodumedi e ruta balatedi ba yona ho hlokomela ba bang le ho rekolohelang. Ntle le Bojuta le Bokreste re fumana hore Buddha e ruta hore ho na le dintho tse nne tse fang motho thabo lefatsheng lena: E nngwe ya tsona ke: ?O lokela ho etsa ho ya ka thekolohelo, a fane ntle le dipehelo le ho lakatsa leruo.? Hara dithuto tsa motheo wa boitshwaro tsa Islam, ho hatellwa: ?Ho hloka bonna e le mokgwa wa ho leboha Modimo. Mme o fepe ka dijo mohloki ya kgesehang, kgutsana le motshwaruwa, lebitsong la ho rata Allah feela. Ha re a lebella puseletso kapa teboho ho wena.? Moetlong wa Mahindu ho hatellwa difeleng tsa Vedic nakong ya ho fa medimo dimpho e le karolo ya bohlokwa ya bodumedi ba bona. Sena se akaretsa le mohopolo wa ho atameleha ho bohle ba hlokang. Thekolohelo he ha se feela boipiletso kutlwelobohlokong e thehilweng hodima kutlwisiso ya ho utlwa bohloko ha batho kapa ho ba bana ba motho, empa e thehilwe hodima ho fadimehela tokelo ya ya fumantshwang thuso ho arolelana le ba bang lehlohonolong la mofani.
Tsela ee ya bopelokutlwelo e fetiseditswe Afrika hantle hakae? Diperesente tse fetang 90 tsa mekgatlo eo e seng ya phahello ho phatlalla le Afrika e ka Borwa, Bohareng Botjhabela le Bophirimela ke tse amanang le kereke kapa boromuwa. Ho fihlela morao tjena ba ne ba ntse ba phela ka ditjhelete tse tswang ka ntle bakeng sa se ka etsang ditekanyetso tsa mananeo a bona tsohle. Mokenya e mong o kile a ngola jwana: ?Baromuwa ba ile ba atisa ho behwa molato wa ho se rute ho fana. Ke nnete hore baromuwa ba bang ba ile ba fana ka kutlwisiso ya hore mpho eo Modimo a e amohelang ke tjhelete feela, e se, ho teha mohlala, tjhai e tswang masimong jwalo ka dithollo, ditholwana le diphoofolo. Ka hona Maafrika a neng a se na tjhelete eo ba ne ba sa kgone ho ba le seabo ho faneng. Ka hanyane badumedi ba Maafrika ya nna ya eba bashebelli. Ka ho hloka tsebo, kapa hona ho fokotsa, mehlodi e leng teng dikerekeng tsa Afrika re tlodisa mahlo le ho nyahamisa menyetla ya kgolo le boikemelo.
Bopelokutlwelo? ke ntho e tlwaelehileng botjhabeng ba Maafrika. Ho fapana le dinaheng tse tswetseng pele jwalo ka USA, Britain, le dinaha tse ding tsa Yuropo, Afrika, le ha e se kontinente e hlabolohileng hantle ke morui wa mokgwa wa bopelokutlwelo. Ho fana ke karolo ya botjhaba ba Maafrika. Botjhabeng ba Maafrika batho ba fumana kgotsofalo ha ba fuwa sebaka sa ho fana le ho arolelana le ba bang se senyenyane seo ba nang le sona. Mohopolo wa ?Ubuntu?, ?Botho?, le ?Wolanani? Maafrika a tswalwa le lerato la batho mme e ba karolo ya bophelo ba bona.
Ditjhabeng tsa Maafrika batho ha ba phele ka ho itshehla thajana. Batho ba phela mmoho, e le ho thusana ka nako tsa mathata. Monna o phela le banna ba bang moo ho thweng ke ?kgotla?. Matlo a bona a ahilwe a atamelane haholo, a arotswe ke moedinyana o fokolang wa lerako la mobu,lehlaka kapa se bitswang ?lekgwakgwa?. Ka tsela ena kgokahano pakeng tsa malapa e bobebe mme sena se kgothalletsa ho arolelana. Banna ba kena ka matlung a bona feela ka nako ya ho robala. Banna ba tjhabana se le seng ba dula ?kgotla? ho amohela baeti le ho lebela tsohle tsa bona. Ba ja mmoho le ho thusana ho tataisa bara ba bona.
Lelapa ka leng le na le lesaka, empa ka nako ya ho hama kapa ho hlokomela leruo naheng, bashanyana bohle ba tjhabana se le seng ba tsamaya mmoho ? le bao ho se nang diphoofolo malapeng a bona. Ba arolelana mosebetsi hammoho le lona lebese, dijo le tsohle tseo lelapa ka leng le nang le tsona. Bashemane bao malapa abo bona a futsanehileng ba tshwaelwa diphoofolo ha ba fihla dilemong tsa boholo hore ba iqalle masaka a bona.
Basadi ba sa kgoneng ho ba le masimo ao e leng a bona ba thusa ba lemmeng. Ka nako ya kotulo, ba fuwa karolowana e lekaneng selemo ho fepa ba malapa a bona. Seng se dula mmoho. Maqheku a hlokomelwa ke bana ba ona. Mohopolo wa ?Botho? o ntshetswa pele hoo ngwana a fuwang motswalae ho mo nyala e le hore a tle a hlokomele mmangwanae eo mohlomong a futsanehileng kapa a kula, kapa mohlomong a hlokang bana ba banana. Ha mosadi a sa be le bana moenae o iswa ho ya mo etsetsa bana. Ka nako tse ding basadi ba nyallwa matlo. Sena se bolela hore lelapa le se nang bana ba bashanyana le ka nyala e le hore le kgone ho tswela pele; mme banna ba bang ba tjhabana seo ba tla hlokomela basadi bao. Ka tsela ena monna o dumelletswe ho nyala basadi ba bangata ka moo a ka kgonang e le hore ho se be le mosadi ya hlokang monna ya mo hlokomelang motseng oo. Sena se nnetefatsa hore bana bohle ba hlokang bontate ba a hlokomelwa.
Maafrika a thabiswa ke ho fana le ho arolelana. Morena o etsa bonnete ba hore ba hlokang ba a hlokomelwa. Dithollo, le nama ?mokgekgetho? le dimpho tse ding jwalo ka jwala, bo sebediswang ka nako tse ikgethang, di nkwa ke morena ho fepa mafutsana le bahloki. Dimpho tsena di ekelletsa moo mmuso kapa ba boholong ba sa kgoneng ho fana ka thuso. Di kwala sekgeo. Ka tsela ena le tse ding tse ngata mokgwa wa bophelo wa bopelokutlwelo wa Maafrika o ile wa hola ka dilemo ho phethahatsa takatso ya ho fana ya motho ka mong, kapa dihlopha (ditlelapo le mekgatlo e mengata botjhabeng ba Maafrika) tse fanang ka mekgwa e fapaneng; ekasitana le ho thusa ka matsoho.
Bafani le borapelokutlwelo ba tswang mafatsheng a bophirimela ba tlodisitse bokgoni ba batho feela ba ho hlokomela ditlhoko tsa bona ? ka mekgwa e ba thusitseng ho phela le ho hola ka dilemokgolo. Bophelo ba motse ba kopanelo bo re rutile ho hlokomela baahisani ba rona. Ditlhoko tsa lelapa leo e ka ba tsa dijo, kapa booki ba ngwana ya kulang, kapa ho fumana tjhelete ho romela ngwana sekolong kapa kholetjheng, seng le setjhaba se fumana mokgwa wa ho thusa. Ka moya wa botho ba kgonang ba thusa ba hlokang. Tsela ena ya bophelo esale e hlophisehile ka mokgwa wa ditokofele le ho arolelana.
Ha motho o sheba morao dilemong tse 6 000 tse fetileng ke mophula ofe o ka bonwang nalaneng ya bopelokutlwelo? Tjheseho e sa fetoheng e bonahala e kgannela batho ho fana ? Egepeta ya kgale, Gerike, Roma, Yuropo le Afrika. Botjhaba bo bong le bo bong ka tumelo ya bona le metheo ya botle bo ipopetse borapelokutlwelo ba ntsheditseng pele mehopolo ena le metheo ena ya botle ka ho fana ka mehlodi ya bona. Mongodi wa morao tjena ya tsebahalang tabeng tsena o re: ?Bopelokutlwelo dilemokgolong tsa bo20 bo tsebahala e le mosebetsi wa boithaopo o etswang molemong wa setjhaba, ka ho sebetsa ka boithaopo, ho ikamanya le ba bang ka boithaopo le ho fana ka boithaopo.? (Robert Payton: Center on Philanthropy ? Indiana).
Mekgatlo ya setjhaba (Mekgatlo eo e seng ya phahello) ke mekgatlo e thehilweng ka batho. Boholo ba yona e phethahatsa ditlhoko tsa batho ditjhabeng tsa yona. Kaofela ha yona e tsamaiswa ke basebetsi le/kapa baithaopi. Bohle ba itshetlehile ka ho kgathalla, tlhokomelo le thahasello ya batho (bafani) hore ba be le mehlodi. Ha re tadima ditlhoko tsa mefuta e fapaneng tsa batho Afrika Borwa ka bophara re bona hore motho o hlophiseditswe ho sebetsana le ditlhoko tsena ka mekgwa e meraro e fapaneng empa e tsamaya e nyalana.
Ditlhoko tse kang thuto, bodulo le bophelo bo botle hangata di shejwa ke mmuso o sebedisa ditjhelete tse bokelletsweng ka lekgetho kapa dithuso tsa dinaha tse ding. Ditlhoko tse kang dijo, boitshireletso, ditshebeletso tsa bongaka, boithabiso, diaparo, le mesebetsi di fetohile matla a kgannang bahwebi ba rekisang dintho kapa ditshebeletso tsena ka phahello hore ba atlehe. Ka ha mmuso kapa kgwebo e ke ke ya sebetsana le ditlhoko tsa setjhaba kaofela, ditjhabana di lokela ho sebetsana le mathata a mangata a metse le a naha. Ka botsona boemong ba batho feela.
Ka mehla ha mekgatlo eo e seng ya phahello e ema ka maoto ho rera mananeo a ho bokelletsa matlole e qala ka ho batla batho , dihlopha kapa mekgatlo e tla phehisa. Le ha mekgatlo ya Afrika Borwa e shebane haholo le ho kopa thusa bafaning ba ka ntle, difaondeisheneng, diteraseteng le kgwebong, ka mehla ba iphumana ba buisana le batho mekgatlong ena. Qetellong qeto ya ho fa mokgatlo tjhelete e etswa ke motho ya itseng kapa komiti ya batho ba itseng.
Bafani ba mefuta yohle ba kopanya matsoho le mekgatlo eo eseng ya phahello mesebetsing le matsholong a reretsweng ho tswela setjhaba molemo. Boipolokelo bona bo etswang setjhabeng bo kenyelletsa le dikamano tseo ba nang le mehlodi ba nang le tsona le setjhaba seo ba fumanang bophelo ba bona ho sona; ho itahlela ka setotswana mathateng a tikoloho, a naha le a moo motho a phelang a shebaneng le setjhaba. Maikutlo a tsepamisitswe ho phelelaneng ha bafani le mekgatlo eo e seng ya phahello.
Takatso ya sethatho ka Melawana ena ke hore e sebetse e le lesupatsela ho bohle ba fanang ka thuso kapa ba tshehetsa mekgatlo eo e seng ya phahello ya Afrika Borwa ka ho fapana ha yona le dikaro-moruong tse fapaneng; e leng bafani ba dinaha tse ding, boraditjhelete, diterasete, difaondeishene le batho ka bomong. Ho ntse ho hlokometswe hore ba fanang, le ha ba ena le ditokelo tsa bona, ba lokela ho ikobela maemo le metheo ya botle, ditabatabelo le tjhesehelo tse tla etsa hore ho be le thekolohelo le mananeo a ntshetsopele ditjhabaneng tsa Afrika Borwa ka diketekete tsa mekgatlo eo e seng ya phahello e ba emetseng.
Moo thuso ya ditjhelete e ka fumanwang Afrika Borwa
Ha o ka botsa mokgatlo ofe kapa ofe oo e seng wa phahello hore ba lebelletse ho fumana thuso ya ditjhelete kae ka moso, ba tla sitwa ho o fa karabo e otlolohileng. Ekaka tseo ba kopaneng le tsona ka nako e fetileng phanong ya ditjhelete di bakile hore ba ba tshwasehe kutlwisisong e mopatisane ya moo tshehetso ya bona e ka fumanehang teng. Ba bang esale ba itshetlehile ka dikgahlanyetso tsa mmuso kapa dikontraka ho tshehetsa meputso ya bona le ditjeho tsa tshebetso tsa kgwedi le kgwedi. Boholo ba mekgatlo esale e leka ho thetla dikoporasi tsa lehae le ha katleho e bile e fokolang.
Ke dipalopalo tse mmalwa tse fumanehang tsa moo mekgatlo eo e seng ya phahello esaleng e fumana tshehetso. Dinaheng tse tswetseng pele jwalo ka Canada, United States, Great Britain, lesedi lena le fumaneha habobebe dikantorong tsa diapalopalo tsa mmuso, kapa diyuniti tsa diphuputso, kapa boikamahanyong le mekgatlo eo e seng ya phahello. Ka 1994 Yunivesithi ya Johns Hopkins, Baltimore US, e ile ya qala lenaneo la phuputso la matjhaba. Hara tse ding ba tlaleha ka moo mekgatlo eo e seng ya phahello e fumantshwang ditjhelete. Phuputso ya bona ya sethatho, ya mekgatlo e dinaheng tse 12 (tse 6 tse tswetseng pele le tse 6 tse ntse di tswela pele) e bontshitse hore 43% tsa ditjhelete tsa mekgatlo eo e seng ya phahello di tswa dithusong le dikgahlanyetsong tsa mmuso, 47% e iketsetsa yona, mme 10% di tswa ho bafani.
Le ha lesedi le tswang dinaheng tsaAfrika le sa ka la kenyelletswa lekgetlong la pele la phuputso ena, dikakanyo di lekanya hore 90% di tswa ho bafani, mme 10% di tswa kunong e iketseditsweng. Setshwantsho sa Afrika Borwa se batla se sa hlaka, empa ho na le ditshupo tsa hore palo e ka bang 70% ya kuno ya mekgatlo eo e seng phahello e tswa ho bafani, 25% e a iketsetswa mme 5% e fanwa ke mmuso ka tsela ya dikgahlanyetso le dithuso.
Pokelletso ya ditjhelete ke ketsahalo ya ho batla kapa ho fapanyetsana, e hlokang kutlwisiso ya moo kgonahalo ya thuso e ka fumanwang teng (mabatowa); ba thabiswa le ho se thabiswe ke eng. Ke ka kutlwisiso ena feela mokgatlo oo e seng wa phahello o ka bang boemong ba ho ipuella moo thuso e ka fumanwang le hona ho pepesa melemo ya ho tsetela mananeong a ona. Afrika Borwa mehlodi bakeng sa mekgatlo eo e seng ya phahello e fumaneha ka dibopeho tse ngata , jwalo ka:
a. Dimpho tsa tjhelete b. Dimpho tsa dihlahiswa kapa thepa kapa disebediswa kapa bokgoni kapa tshebeletso (Dimpho-tsa- lerato)
c. Ho kopanela ditjeho, jwalo ka ho lefella akhaonte ya mohala kapa ho fana ka sebaka bakeng sa kantoro d. Ho tshehetsa ketsahalo ka ditjhelete, jwalo ka konsarete ya mmuni ya ho bokelletsa matlole e. Ho reka ditshebeletso tseo mokgatlo oo e seng wa phahello o fanang ka tsona, jwalo ka wekeshopo ya klwetliso ya bokgoni f. Ho reka dihlahiswa tse etswang ke mokgatlo oo e seng wa phahello jwalo ka diT-shete kapa dibapadiswa g. Ho reka ditekete tsa dipapadi, kapa rafole h. Tswala ya matsete, kapa ditjhelete tse bolokilweng ke mokgatlo oo e seng wa phahello
Tjhelete ya botho kapa ya boingodiso phatlalatsong
Mehlodi ena e teng mme e ka fumanwa ka mekgwa ae fapaneng. Dibaka tseo thuso ya ditjhelete e ka fumanehang ho tsona Afrika Borwa ke:
Bafani ba dinaha tse ding: Dibilione tsa diranta di filwe mekgatlo eo e seng ya phahello ya Afrika Borwa ke mebuso ya dinaha tse ding le makala a bafani dilemong tse tswa feta. Ho mekgatlo e neng e tshwarane le ?ntwa? le mmuso o fetileng wa kgatello, ona e ne e le ona feela mohlodi wa kuno. Ho tloha ka 1994 dithuso tsa ditjhelete tse tswang dinaheng tse ding di se di feta ka mmuso o motjha o kgethilweng ka demokrasi, ha phano ya ditjhelete tse tswang ka ntle ya poravete e ntse e le ya mekgatlo eo e seng ya phahello. Ho akanywa hore 11% ya kuno ya mekgatlo eo e seng ya phahello e tswa mehloding ya ka ntle.
Bafani ba dinaha tsa ka ntle ba ka arolwa ka mekga e mmedi e meholo, ba se nang dikantoro kapa boemedi ka hara Afrika Borwa le ba nang le bona:
Boraditjhelete ba Afrika Borwa: Matsete a dikgwebo tsa Afrika Borwa ha esale a ntse a hola. Ho na le dikgwebo tse fetang 200 000 tse ngodisitsweng Afrika Borwa le dikgwebo tse nyenyane le tse mahareng le tse sa hlophiswang tse fetang dimilione tse pedi. Ho lekanngwa hore 11% tsa dimpho tsohle tse fuwang mekgatlo eo e seng ya phahello Afrika Borwa di tswa karolomoruong ya boraditjhelete. Phuputso (Bureau of Marketing Intelligence annual survey) e re bolella hore 60% tsa dimpho tse tswang ho boraditjhelete e ya diprojekeng tsa bona ? tse amang ka ho otloloha basebetsi ba bona kapa moo ba rekisang teng. Ho fana ha bona ha ho eso hole haholo dilemong tse tswa feta, hobane dimpho tsa boraditjhelete di laolwa ke phahello. Ha phahello e le tlase tjhelete eo ho ka fanwang ka yona e a fokola.
Sena se bolela hore ho na le kgonahalo ya kgolo ho faneng, haholoholo dikgwebong tse nyenyane ho ya ho tse mahareng. Bongata ba dikhamphani tse kgolo bo shebile ho boellwa ha di tsetela setjhabeng. Sena se tlisa kgonahalo ya ho etsa matsholo a kopanelo le mafapha a patlo ya mosebetsi a dikhamphani tsena. Boraditjhelete ba ka arolwa ka dikgwebo tsa naha le tsa lehae. Ho buisana le boraditjhelete ba naha hangata ho etsahala ka ntlokgolo ya bona, empa dikantoro tse ding tsa makala di na le matlole a manyenyane oa ba ka a sebedisang ka boinahenelo ba bona ho thusa mekgatlo eo e seng ya phahello ya lehae.
Difaondeishene tsa thekolohelo/Diterasete: Le ha ho se na lenane la Diterasete, tsohle di lokela ho ngodiswa tlasa Molao wa Diterasete wa 1974. Terasete ya thekolohelo e ba teng ha motho kapa mokgatlo o ratang ho etsa Terasete o fana ka tjhelete kapa thepa ho motho e mong ya tsejwang e le Mohlokomedi wa terasete. Matlole ana a tsamaiswa molemong wa baunamolemo, ebang ke batho ka bomong kapa ke mekgatlo.Terasete e laolwa ke Tokomane ya Molao ya Terasete e supang lebitso, sepheo,ho kgethwa le matla a mohlokomedi wa terasete le tsamaiso ya Terasete. Ho dumelwa hore ho ka ba le Diterasete tsaThekolohelo tse 700 Afrika Borwa, tse thehilweng ke batho ka bomong, kapa dikgwebo kapa mmuso, mme di fepela kuno ya selemo le selemo ya mekgatlo eo e seng phahello e ka bang 5%.
Mekgatlo: Tlhaloso ena e akaretsa mekgatlo yohle le dihlopha tsohle tsa batho ba nang le kgahleho e tshwanang. Ho teha mohlala, ho na le mekgatlo ya thuto ho tloha pele ho sekolo ho isa boemong ba yunivesithi; mekgatlo ya bodumedi; mekgatlo ya dipapadi, mekgatlo ya tshebeletso (jwalo ka Round Table le Rotary) le mekgatlo ya botjhaba. Hangata mekgatlo ena e inkela mooko kapa e tsepamisa maikutlo kapa kgahleho, nako e itseng mme e bokelletsa matlole kapa e fana ka tshebeletso le baithaopi ho thusa seo ba ikgethetseng ho se etsa.
Motho ka mong: Ho na le batho ba ka bang domilione tse 40 Afrika Borwa, bao diperesente tse 15 tsa bona ba nang le seabo kahong ya moruo mme ba ka bitswa moo phano e ka fumanwang teng. Ke mona moo ho nang le palo e kgolo ka ho fetisisa ya ba ka fanang ho mekgatlo eo e seng ya phahello. Dikakanyo di supa hore batho ka bomong ba dimilione di 9 ba fana ka dibilione tse 8 tsa diranta ka selemo ho mekgatlo eo e seng ya phahello. Bokgoni ba ho qholotsa ho fana le tshehetso ho batho ka bomong ke phephetso e kgolohadi pokelletsong ya ditjhelete. Batho ka bomong ba ka arolwa ka mekga e mengata. E meng ya yona ke ena ho ya ka boleng bo fapaneng:
Bafana ba seng ba ntse ba fana ? Bafani ba ka fanang ? Bonna le Botshehadi ? Ditho kapa ba ingodisitseng ? Boholo ? Ditho tsa Boto ? Maemo a lenyalo (nyets[w]e / ha a nyal[w]a / hladile jwalojwalo.) ? Basebetsi ? Dikgahleho (bana/diphoofolo/maqheku/ jwalojwalo) ? Baithaopi ? Ditlwaelo tsa ho fana (kheshe/tjheke/debit order jwalojwalo) ? batswadi ? Thuto ? Baithuti ba maoba ? Lapeng (ntlo/kamore/ jj) ? Bana ba sekolo ? Kuno ya lelapa ? Basebeletswa ? Ba mphile bokae kgetlong le fetileng ? Baunamolemo ? Ba qetetse ho fana neng ? Setjhaba ka kakaretso ? Mosebetsi.
Difello tsa ditshebeletso: Mekgatlo e mengata eo e seng ya phahello e sebelletsa batho le ho phethahatsa ditlhoko tsa bona. Ka nako e fetileng bongata ba ditshebeletso tsena bo ne bo fanwa ntle ho tefiso, haholoholo ho mafutsana le ba hlokang bodulo. Le ha ho le jwalo mokgatlo wa thuto jwalo ka sekolo sa poraevete kapa yunivesithi e lefisa tjhelete. Le mekgatlo e mengata eo e seng ya phahello e batlana le mekgwa ya ho tlisa kuno ka ho rekisa ditshebeletso tsa yona. Ho tea mohlala, tliliniki ya bophelo bo botle e tla lefisa tjhelete e itseng ha e etelwa, kapa bakeng sa ditlhare; tlenaneo la sedika la thuto ya HIV/AIDS le tla lefellwa ke mmuso. Baithaopi ba sebeletsang mokgatlo oo e seng wa phahello ba atisa ho kena mesebetsing e kenyang kuno ho thusa ho tshehetsa mokgatlo.
Thekiso ya diphahlo kapa dihlahiswa: Mekgatlo e mengata eo e seng ya phahello e sebetsana le ho kwetlisetsa batho bokgoni le ho hlahisa mefuta e fapaneng ya dihlahiswa. Dihlopha tsa temo di sebetsana le dijalo le diphoofolo; dihlopha tsa moroko di hlahisa diaparo le line; dihlopha di etsa ditene, ho kampela ka terata, diforeimi tsa difensetere, bohobe, le dintho tse ding tse ngata. Sepheo sa mantlha ke ho thusa batho ba sa kang ba ba le bokgoni kapa ba sa sebetseng ho fihlella ho itlhokomela. Empa mokgatlo ka boona o ka una molemo ka ho rekisa dihlahiswa ka tjhelete kapa ka khomishene, kapa ba lefisa basebedisi ba disebediswa tsa bona. Ba ka reka disebediswa tse tala ka bongata , mme ba di rekisa ho bahlahisi ka ho ikenyetsa tjhelete e seng kae.
Ke eng e kgothalletsang bafani ho fana?
Ha ho rerwa ho batlela sehlahiswa kapa tshebeletso bareki , kgwebo e lokela ho batlisisa hore ke batho (bareki) ba hlokang eng le hore takatso ya bona e ka qholotswa jwang ka ho phethahatsa ditlhoko tsa bona ka sehlahiswa; kapa tshebeletso eo. Ho jwalo feela le ka pokelletso ya matlole, o lokela ho utlwisisa hore ke eng e bakang hore batho ba rate se itseng. Batho ba etsa kgetho jwang pakeng tsa bophelo bo botle, ditokelo tsa botho, thuto, boithapollo, ditshebeletso tsa setjhaba, tsa tikoloho le tse ding tseo ba ka di hlokang kapa ba di batla?
Mosebetsi wa pele ke ho utlwisisa hore batho ba hlabolla dikgahleho tsa bona tsa sethatho jwang sehlahiswang kapa tabeng e itseng, mme ke ditlhoko kapa dipatlo dife bonahalang ha ba etsa qete. Re ka arola sena dikotwana tse tharo:
a. Ke dintho dife tse qholotsang kgahleho?
b. Ke ditlhoko le metheo efe e tebileng haholwanyane e sebetsang ha ba kgonang ho fana ba sekaseka seo ba tla se etsa?
c. Ke dipatlo dife ka ho otloloha tse qholotswang ke ditlhoko tsee?
Kgahleho ya mofani tabeng e itseng e ka tsosoloswa ke maemo a ka hare kapa a ka ntle. Maemo a ka hare a hlaha ha motho a qala ho utlwa tlhokahalo ya, kapa ho lokela ho, etsa se itseng. Maemo ana a ka hlaha ka sebopeho sa qholotso ya mmele jwalo ka tlala kapa lenyora kapa qholotso e ka kelellong jwalo ka ho teneha kapa ho ngongoreha.
Maemo a ka ntle a hlaha ha ntho e itseng e ka ntle e kena mohopolong wa motho mme e qholotsa kgahleho. Maemo ana e ka ba motho ka mong, jwalo ka motswalle kapa seng kapa a mosebetsi-mmoho, kapa e ka ba ao e seng a motho ka mong jwalo ka ditaba tsa koranta, lengolo, kopo ya thuso ya tjhelete,kapa lenaneo la seyalemoya.
Maemo ana a qholotsang a na le bokgoni ba ho tsosa ditlhoko mothong. Ha a qape ditlhoko empa a tsosa ditlhoko tse seng di le teng. Ka hoo mmokelletsi wa ditjhelete o lokela ho utlwisisa hore ke ditlhoko dife tsa motheo tsa motho ka mong tse sebeletswang ke sehlahiswa sefe. E nngwe ya ditekanyo tsa bohlokwa ka ho fetisisa ya ditlhoko tsa motheo ke ?Hierarchy of needs ? ya Maslow. Maslow o re batho ba nka bohato ho phethatsa ditlhoko tsa bona tsetlase pele pele ba ka phethahatsa tse hodingwana. Mohlala, motho ya bolawang ke tlala o qala ka ho sebedisetsa matla a hae ho batla dijo. Ha tlhoko ena ya motheo e se e phethahaditswe, a ka sebedisa nako e nngwe tlhokong tsa polokeho, jwalo ka ho ja dijo tse nepahetseng le ho hema moya o hlwekileng. Ha a ikutlwa a bolokehile, o tla tswela pele ho tebisa dikamano tsa hae le batho mmoho le setswalle. Ha morao ho feta moo, a ka qala ka ho batlana le tse tla phethatsa tlhoko ya boitshepo le tlhompho ho ba bang. Hang ha ena e phethahaditswe, o bolokolohing ba ho ho ntshetsa bokgoni ba hae pele ka mekgwa e meng. Ha tlhoko ka nngwe e tlasana e ntse e phethahatswa, e fellwa ke matla a ho ba yona e mo kgothaletsang mme e hodingwana e qala ho laola ditabatabelo tsa motho.
Ho tseba hore mofani o mothating ofe wa tlhoko ho thusa mokgatlo oo e seng wa phahello ho lokisa boipiletso bo tla tlisa karabelo e molemohadi. Ho tea mohlala, tshabo e sebediswa ho qholotsa tshehetso bakeng sa diprojeke tse thibelang mahloko a tshajwang.
Batho ba kgahlilweng ke taba kapa sehlahiswa se itseng hangata ba kgona ho qoholla dipatlo tseo ba lakatsang ho di phethahatsa. Dipatlo tsena di ka sibollwa ka ho botsa batho hore ba batlang. Ha ho mokgatlo o ka phethahatsang dipatlo tsohle hara ba ka fanang. Empa ka ho leka ho utlwisisa tsa moraorao tsa ba fanang mokgatlo oo e seng wa phahello o kgona ho fana ka mananeo le ditharollo tsa diqaka tse tla bang ho ya ka ditebello tsa bafani.Le ha mekgatlo ya baahi e sa batle ho laelwa ke bafani,ba ka ba le bonnete ba tshehetso e tswelang pele ha bafani ba ikgotsofaditse hore tjhelete ya bona e sebedisitswe hantle mananeong ao ba utlwisisang hore ke a bohlokwa.
Ha o na le lesedi lena la ditlhoko le dipatlo tsa batho (bafani) mokgatlo oo e seng wa phahello o ka le sebedisa ho iphumanela dikarabo tse bontshang ho dumela ho bafani. Le ha mokgatlo oo e seng wa phahello o ka ba le kutlwisiso e itseng ka seo batho ba se hlokang mehatong e fapaneng ya bophelo, o lokela ho se itlokomolle nnete ya hore tsena hangata di tshwaetswa ke diketsahalo lefatsheng le re potapotileng. Ka lebaka la ditjeho tse hodimo tsa ho tsamaisa lenaneo lefe kapa lefe la pokelletso ya ditjhelete ho a utlwahala hore mekgatlo eo e seng ya phahello e lokela ho ipha nako le ho etsa matsapa ohle ho batlisisa ba tla mamela kopo ya bona. Ka lebaka la palo e itshehetseng meedi ya ba ka fanang Afrika Borwa, mekgatlo eo e seng ya phahello ha e hloke ho sheba feela bafani bao e nang le bona, empa e lokela ho atolosa kgahleho ya bona ka tsela tse tla lokollla mehlodi kgafetsa.
Pokelletso ya matlole ha se bokopi, ke ho thusa batho ho thusa batho. Ho sa kgathallehe hore tjhebahalo ya motho ya ka ntle e jwang, ka hare ke lentswe le mo qhoqhang ho intlafatsa ho feta ka moo a bonahalang ka teng. Ho fana ke e nngwe ya diketso tse lokollang se setle ka ho fetisisa ka hare ho wena. Se kgothatsang ka ho fetisisa ke hore batho ba fa batho ? ha ba fane mekgatlong e hlokang. Ha ba lefe melato ya batho. Bohare ba pokelletso ya ditjhelete e sebetsang ke ho hapa maikutlo a batho le ho ba etsa hore ba fane ? hape le hape. Mabaka ke ana a etsang hore bafani ba tshehetse mosebetsi wa Mokgatlo oo e seng wa phahello.
Batho ka bomong: Phano yohle e etswa ke batho ka bomong. Ba bang ba fana lebitsong la kgwebo tse kgolo, kapa faondeishene kapa naha eo ba e emetseng. Ho batho ba bangata ke mpho ya motho ka bomong ho tswa mehloding ya bona:
E a nthabisa ? Ke lehlohonolo le fetang ho fana ho feta ho amohel
Ke ho boellwa ke letho ? Ha ke ena le tlhoko ke lakatsa hore o ntshehetse.
Kgatello ya dithaka ? Metswalle yaka le beso ba a fana, ka hoo ke lokela ho fana.
Ke a o rata ? Ke rata seo wena le mokgatlo wa heno le se etsang setjhabeng.
E kile ya ntlhahela ? ke rata ho thusa motho ya nang le tlhoko jwalo ka nna.
Hobane o nkopile ? Ke ne ke sa tsebe hore ho na le tlhoko ho fihlele o nkopa.
Boraditjhelete: Dikgwebo di fana feela ha di etsa phahello, mme boholo ho fana ho amanngwa le hore khampani e tla hlaha jwang setjhabeng le bokgoni ba ho etsa phahello ka moso. Ka nako e nngwe e bitswa ?Enlightened self-interest?:
Ntlafatsa sefahleho sa khamphani ? Setjhaba se tla utlwisisa hore re a se kgathalla.
Ntshetsa ditakatso tsa ka pele ? Re tshehetsa ho qaptjwa ha mesebetsi hobane batho ba sebetsang ke bareki.
Bitsong la ho itsebahatsa ? Re batla ho bolella bareki ba rona hore re tshehetsa setjhaba.
Ho qoba ho lefa lekgetho ? Re fana ka dithuso hore re fumane poello ya lekgetho ebang e le teng.
Ho tsosolosa thekiso ya rona ? Keketseho ya bareki ba thabileng e bolela hore batho ba bangata ba tla reka ho rona.
Ke rata kopo ya lona ? Kopo ya lona ya tshehetso e tsamaelana le tseo re di hlokang.
Difaondeishene (kapa Diterasete): Hore na faondeishene e fana ka tjhelete kae ho hlaloswa ke Molao wa Terasete. Sena se hlahisa takatso le ditabatabelo tsa bafani ba sethatho ba Terasete ya thekolohelo. Ho atisa ho hlokahala hore Terasete e fane ka peresente e itseng ya kuno ya selemo eo ee fumaneng matseteng.
Re na le tjhelete eo re ka fanang ka yona ? Molaotheo wa rona o re qobella ho hasanya tjhelete e itseng selemo ka seng.
Kutlwelobohloko kapa kgauhelo ? E ne e le ka ho utlwela bohloko bakeng sa thuto ha Terasete ya rona e tla thehwa.
Ho tlisa diphetoho ? Re dumela hore tjhelete eo re nang le yona e ka tlisa phapang.
E nyalana le takatso ya rona ? Sehlopha sa motheo se ne se batla ho ikgotsofatsa hore se tsheheditse (ditokelo tsa botho).
Re qobelletswe ho fana ? E ngotswe Molaotheong wa Faondeishene ya rona.
Ke seo re se dumelang ? Ho molemong wa naha ya heso ho tshehetsa (ho qaptjwa ha mesebetsi).
Mobuso wa naha e nngwe kapa Lekala: Mebuso e tswetseng pele e kgothalletswa ho tshehetsa lefatshe le ntseng le tswela pele. Hanagata qeto ya ho etsa sena ke ya dipolotiki, e le karolo ya leano la kantle. Mebuso e mengata e sebedisa makala a ikemetseng (jwalo ka USAID ? America kapa CORDAID ? European Union) ho tsamaisa dithuso tsa mekgatlo ya setjhaba.
Lebitsong la ho tsebahala ? E re thusa ho aha seriti sa rona hara matjhaba a lefatshe.
Ho bopa kamano ? E le karolo ya tumellano ya kgwebo e mahlakore a mabedi.
Bakeng sa kgotso le toka ? Re ka kenya letsoho ho boptjweng ha kgotso ya lefatshe, ka ho tshehetsa ho phahamisa ditjhaba tse futsanehileng.
Ho bopa tshebetsokopanelo ? Ho ba karolo ya sehlopha sa mafatshe a nang le seabo ? jwalo ka Commomwealth.
Ke leano la rona la ka ntle ? Maikemisetso a rona a dipolotiki a re ntshetsa ka mose ho meedi ya rona.
Ho ntlafatsa moruo ? Ho tsetela kgolong ya ditjhabana ho ama bophelo bo botle ba setjhaba ba ka moso.
Tokodiso ya ditokelo tsa mofani
Ho etsa bonnete ba hore bopelokutlwelo bo lokelwa ke tlhompho le tshepo ya setjhaba ka kakaretso, le hore bafani bohle le bohle ba tla fana ba ba le tshepo Mekgatlong eo e seng ya phahello le tseo ba koptjwang ho di tshehetsa, batho ba bokelletsang matlole ba lokela ho ikobela Tokodiso ena ya Ditokelo tsa Bafani (e qapilwe ke baprofeshenale ba bopelokutlwelo ba United States):
Ho behwa leseding ka maikemisetso a mokgatlo, tsela eo mokgatlo o rerileng ho sebedisa mehlodi e fanweng ka yona le ka bokgoni ba ona ba ho sebedisa dimpho hantle le ho di sebedisetsa sepheo sa teng;
Ho tsebiswa hore ditho tsa lekgotla la taolo ke bomang; le ho lebella hore lekgotla leo le sebedise toka boikarabelong ba lona;
Ho ba le tokelo ya ho sheba ditatemente tsa ditjhelete tsa moraorao tsa mokgatlo;
Ho nnetefaletswa hore mpho ya bona e tla sebedisetswa sepheo seo e se fanetsweng;
Ho hlaloswa phatlalatsa e le bafani le ho tsejwa;
Ho nnetefaletswa hore ditaba tsa mpho ya bona di tshwarwa ka tlhompho le ka lekunutu ho ya ka moo molao o ka laolang;
Ho lebella hore dikamano tsohle le batho ka bomong ba emetseng mekgatlo e nang le kamano le mofani e tla ba tsa profeshenale;
Ho tsebiswa hore na ba kopang thuso ke baithaopi, basebeletsi ba mokgatlo kapa babokelletsi ba hirilweng;
Ho ba le monyetla wa ho hlakola mabitso a bona lethathamong la mangolo leo mokgatlo o lakatsang ho le kopanela;
Ho ba bolokolohing ba ho araba dipotso ha ba fana ka mpho le ho amohela dikarabo tsa ka pele, tsa nnete, mme tse otlolohileng.
Tataiso ya ho fana ka nepo
Ka baka la bongata ba Mekgatlo eo e seng ya phahello Afrika Borwa ho kgetha o lokelang ho tshehetswa e ka ba bothata. Mofani o lokela ho qala phuphutso ya hae ka ho botsa dipotso di se kae tsa motheo: Ke dintho dife tseo e leng tsa bohloko ho lona? Maikutlo a lona a hokae? Ke eng eo o ratang ho bona e fetohile setjhabaneng kapa lefatsheng le o potapotileng? Ho fumana Mokgtalo oo e seng wa phahello o sebetsang hantle dikarolong tseo e leng tsa bohlokwa ho mofani ke mohato wa pele. Ka hoo ho na le kgonahalo ya hore o tla dula o fumana lesedi ka ditaba tse o amang le boitlamo ba ho fana ka nako e telele. Boitlamo bona bo thusa Mekgatlo eo e seng ya phahello ho etsa matsapa a nako e telele ho sebetsana le ditaba tseo ba tshwaraneng le tsona. Tataiso e nngwe ya ho fana ka nepo ke ena:
Eba mofani ya tsebang. Etsa boikgathatso ba ho ithuta ka hohle ka moo o ka kgonang ka seo le batlang ho se tshehetsa. Ha Mokgatlo oo e seng wa phahello o tla ho lona se ke la qeyaqeya ho botsa dipotso. Mekgatlo eo e seng ya phahello e a tseba hore bafani ba batla lesedi ka mefuta ya mananeo ao e a tsamaisang, ka moo ditjhelete di arolwang, jj. Ba lokela ho le fa dikarabo tseo le di hlokang.
Lekanyetsang ho fana. Kenyelletsang maikemisetso a lona a ho fana moralong wa lona wa ditjhelete. Ho behella ka thoko tjhelete bakeng sa merero ya bohlokwa ho lona ho etsa hore le kgone ho fana kgafetsa.
Bolokang dirasiti tsa lona tsa dimpho. Mekgatlo eo e seng ya phahello e lokela ho ntsha rasiti bakeng sa mpho ka nngwe. Etsa bonnete ba ho di boloka bakeng sa lekgetho. Bongata ba Mekgatlo eo e seng ya phahello Afrika Borwa e kgona ho fana ka poello ya lekgetho ka baka la Temana ya 18(a) e ekeditsweng ya Molao wa Lekgetho la kuno. Le tla lokela ho hlakisa dimpho tsa lona diforomong tsa lekgetho tsa selemo le selemo.
Botsang ka ho lekanya dimpho. Bafani ba bangata kajeno ba kgothalletsa Mekgatlo eo e seng ya phahello ho ala mehlodi ya yona ya ditjhelete. Ka ho phephetsa Mokgatlo oo e seng wa pohahello ho lekanya mpho kapa ho kenya seabo se itseng, ka ho batla thuso ho tswa dibakeng tse ding ho thusa ditjhelete tse fanweng ho ikatisa tshebetsong ya tsona.
Fanang le sa ipolele ebang le rata. Mekgatlo yohle eo e seng ya pahello e lokela ho hlompha dimpho tse tse sa bolelwang. Ha se bafani bohle ba hlokang kapa ba batlang ho hlahella ka dimpho tsa bona, mme Mekgatlo eo e seng ya phahello e lokela ho hlomphela bafani sena.
Ho na le mekgwa e mengata ya ho fana. Mekgatlo eo e seng ya phahello e una molemo mefuteng yohle ya ho fana. Dimpho, dimpho tsa lerato, nako le botsebi ba boithaopo ke mehlodi ya tshehetso ntle le tjhelete e amohelwang ke Mekgatlo eo e seng ya phaelo.
Le na le tokelo ya ho re ?tjhe?. Ebang mofani a ikutlwa a sa kgodiseha kapa a sa kgotsofala ke tsela eo Mokgatlo oo e seng wa phahello o kopang tshehetso, kapa ebang le na le dipotso tse matla ka bomolaong kapa bokgoni ba bona ba ho phethahatsa ditshepiso, se qeyaqeyeng ho re ?tjhe?. Iphe nako ho fumana dikarabo tsa dipotso tse le amang, e le hore le tle le kgone ho etsa qeto habonolo.
Le se ke la fa sehlopha seo le eso ka le utlwela ka sona tjhelete, le ha e le seo le se nang bonnete ka sona. Ho akanngwa hore ho na le Mekgatlo eo e seng ya phahello e 90 000 e batlang tshehetso Afrika Borwa. Ho na le kgonahalo ya hore o tla atamelwa ke mokgatlo oo o sa o tlwaelang. Pele le fana ka tjhelete mokgatlong oo e seng wa phahello o le sa o tsebeng batlang lesedi le ngotsweng, le kenyelletsang molaotheo wa bona; mabitso a ditho tsa lekgotla la taolo la bona; ditaba ka botlalo mabapi le boingodiso boo ba reng ba na le bona; moo ba bolokang tjhelete teng le nomoro ya bona ya akhaonte. Kgothalletsang Mokgatlo o mong le o mong oo e seng wa phahello o ikopanyang le lona ho fumana ngodiso tlasa Molao wa Mekgatlo eo e seng ya phahello, wa 1997 (Molao wa 71 wa 1997).
Fumanang Mokgatlo oo e seng wa phahello o nepahetseng ho lona. Mekgatlo e mengata e menyenyane ha e na ditjhelete tse ba thusang ho batla bafani. Etsang boikgathatso ba ho fumana Mokgatlo kapa Mekgatlo eo e seng ya phahello e sebetsanang le karolo eo e leng ya bohlokwa ho lona. Ka ho etsa diphuputso le ka fumana mekgatlo e tsamaellanang hantle le sepheo sa lona sa ho fana.
Tataiso ya ho etsa dithusa ka nepo
Mosebetsi wa ho fana ka ditjhelete ho tshehetsa Mekgatlo eo e seng ya phahello ha esale e kopanngwa le tshebetso ya ho fana ya bafani ba ka ntle, diterasete, difaondeishene le kgwebo Afrika Borwa. Ho tloha maqalong a dilemo tsa bo1980 Afrika Borwa e shebilwe haholo ke bafani bana ba kantle le ba ka hara naha, ha naha e itlhothlora mahlaahlela a nako ya kgethollo mme e kena demokrasing ya nnete. Nakong yona eo bafani ba boraditjhelete ba tlohile mokgweng wa dimpho tsa thekolohelo, ba feta boikarabelong ba setjhaba ho ya boipolokelong ba setjhaba kapa ho beng le seabo ha baahi. Ha jwale ba ntse ba kena kamanong e ntjha le ditjhabana tsa Afrika Borwa e bitswang ?corporate citizenship?. Bafani bohle ba baholo ba bontshitse takatso e kgolo ya ho kgothalletsa tshebetsokopanelo pakeng tsa mmuso le setjhaba e tla fetoha tikoloha e fanang ka bokgoni le ho ba le tswelopele ya tlhahiso bakeng sa baahi bohle ba naha ena.
Tataiso e latelang e radilwe ho kgothalletsa tshebetso e ntle ha ho fanwa ka dithuso ke bafani ba baholo:
a. Bopa ponelopele le lenaneo
Ho fana ka dithuso ho lokela ho etswa ho itshetlehilwe ka ponelopele e batsi le lenaneo le rerilweng la phano ya ditjhelete le kenyelletsang:
Polelo e hlakileng: Dikgahleho tse totobetseng tsa ya fanang ka tjhelete, metheo e laolang phano ya tjhelete le diphetho tse batlahalang di hlaloswe hantle.
Ho ntlafatswa: Le ha ponelopele le mananeo di lokela ho ntlafatswa ka ho fetoha ha maemo a setjhaba le a moruo, ho fetolwa ha ngata ho fetelletseng ho lokela ho qojwa.
HO kenyelleswa ha ba amehang: Hantlentle maikutlo a baunamolemo ba thuso le ba bang ba amehanng a lokela ho batlwa ha ho botjwa ponelopele le ho hlabolla lenaneo.
Metheo ya ho fana ka ditjhelete: Metheo ya ho fana ka ditjhelete e ka kenyelletsa tse latelang: Metheo e akaretsang, e amanang le ditaba tsa boitjaro, ho tshepahala ha botsamaisi, bomolao, boikarallo, ho ba le seabo ha setjhaba, taolo ya ditjhelete, tlaleho; le Metheo e ikgethang, e amanang le sephetho se labalabelwang sa lenaneo le itseng.
b. Kgothalletsa boikarabelo le bopepenene
Bopepenene bo lokela ho kgothalletswa hara bohle ba amehang tswelopeleng.
Bafani ba dithuso ba lokela ho etsa ka tsela e matlafatsang boikarabello ba bona ho balekane ba bona le ho ba nang le seabo.
Balekane le ba nang le seabo: Tsena di ka kenyelletsa:
Ba fuwang dithuso
Ditjhabana tseo ba fumanang dithuso ba sebetsang ho tsona
Baetsi ba maano
Barutehi le ba sebetsang karolong e itseng
Makala a mang a ntshetsopele le pokelletso ya matlole
Mafapha a lokelang a mmuso
Boradiabo ba khamphani
Bahlokomedi ba terasete le basebetsi ba mokgatlo o fanang ka dithuso
Mofani wa sethatho wa tjhelete
Pepeso: Pepeso e phethahetseng ya dithuso ka botebo, e kenyelletsang le mabitso a ba fuwang thuso le boholo ba thuso, ke tsa bohlokwa haholo ntshetsopeleng. Bafani ba dithuso ba lokela ho tshehetsa pepeso ya lesedi le jwalo.
c. Lekalekanya ditlhoko tsa ntshetsopele le tsa bafani
Tsa pele setjhabeng: Sekepele se sebediswang ha ho etswa dithuso, sephetho se batlwang le ditshupo tsa tswelopele di lokela ho kgema mmoho le tsa pele setjhabeng mabapi le ntshetsopele le tse amanang le yona.
Ditakatso tsa bafani: Lenaneo la ho fana le lokela ho ralwa ka tsela e tla nnetefatsa hore ditakatso tsa nnete tsa bafani di lekalekanngwa ka hloko le ditakatso le ditjhesehelo tsa baamohedi ba dimpho. Boleng ba phano e nepahetseng ke bokgoni ba ho sebedisa matlole ho phethahatsa ditakatso tsa mofani le moamohedi ka bobedi.
d. Dikopo tsa dithuso di sebetswe ka botshepehi
Lesedi le lokelang ho fanwa pele: Bafani ba dithuso ba lokela ho fana ka lesedi le hlakileng mme le tlang pele ho thuso mabapi le tsamaiso e latelang: Ho etsa kopa; nako eo dikopo di lokelang ho kenngwa ka yona; nako ya karabo ya ho dumelwa kapa ho hanwa; tsela eo tumellano e tla etswa ka yona ka sephetho; ho tlaleha tse hlokahalang; le hore na tjhelete e tla fumanahala neng.
Bokgoni bo lekaneng ba ho fihlela lesedi: Lesedi le filweng baamohedi ba dithuso le lokela ho ba boemong ba ho thusa bohle ba ka fuwang thuso, haholoholo dihlopha tse qheletsweng ka thoko jwalo ka ditjhabana le mekgatlo ya mahaeng, ba sa bueng Senyesemane, dihlopha tse nang le tse fokolang tse ka sebediswang , hammoho le batho ba sa tsebeng hantle ka tsamaiso ya ditjhelete.
Puisano e potlakileng: Nako pakeng tsa ho kenya kopo le ho etsa qeto e lokela ho ba kgutshwanyane haholoho ka moo ho ka kgonahalang. Ho hanwa, ka boikgetho, ho lokelwa ho etswa hang.
e. Etsa tsela e tla latelwa ha ho etswa diqeto
Ditekanyetso: Ditekanyetso tsa mananeo a dithuso le dibaka tseo ho tla tsepamaiswa maikutlo ho tsona di lokelwa ho etswa pele. Dithuso tsohle di lokela ho etswa ho ya ka tjhelete e leng teng.
Fana ka mabaka: Mabaka a ho hana kopo a lokelwa ho phuthollelwa mokopi.
Diqeto ka tsebo: Diqeto di lokela ho thehwa hodima kutlwisiso e phethahetseng ya ditaba tsa tswelopele mmoho le ditheori tse tsamaellanang tsa ntshetsopele. Ebang ho hlokahala keletso ya ditsebi e lokela ho batlwa ke mofani wa dithuso.
Thulano ya kgahleho: Bafani ba dithuso ba lokela ho nka mehato e hlokolotsi ho qoba thulano ya kgahleho mabapi le batho le mekgatlo e amanang haholo le boto le basebetsi ba mokgatlo o fanang ka thuso.
f. Buisanang ka tumellano ya phano ya thuso
Ho buisana ka sephetho: Bafani ba dithuso ba lokela ho buisana ka sephetho sa ntshetsopele le moamohedi wa thuso lebitsong la ho aha tshebetso-kopaneloe lekanang ya ntshetsopele.
Baunamolemo: Tumellano e lokela ho hlokomela se hlokwang ke baunamolemo le ka moo ba hopolang hore dintho di lokela ho etswa ka teng.
Ditokisetso tsa thuso: Ditokisetso tsa thuso di lokela ho bolela ka ho hlaka bongata ba tjhelete, sepheo le nako ya thuso, ditsela tsa tefo, tlaleho ya bodisa e ka bang teng le ditlhokahalo tsa tekanyo tse ka bang teng, le maemo ao thuso e ka emiswang ka tlasa ona.
Ditefo ka nako: Bafani ba dithuso ba lokela ho nnetefatsa hore nako eo ho dumellanweng ka yona e a latelwa.
g. Tsela ya bodisa
Bafani ba dithuso ba lokela ho ho latela mehato e sebetsang ya bodisa ho etsa bonnete ba hore ho na le taolo le ho nnetefatsa hore dithuso di sebediswa ho ya ka tumellano ya thuso. Bodisa bo hlwahlwa bo kenyelletsa ?
ho tsepamisa maikutlo ho tse hlokahalang bakeng sa ho tlaleha;
ho utlwisisa bohlakisi ba ka ntle;
ho ikisa ka seqo projekeng ho bala le ho arabela ditlaleho le dikopo tsa diprojeke;
ho ba le bokgoni ba ho fetoha ha ho hlokahala; le ho utlwisisa karolomoruo eo moamohedi wa thuso a sebetsang ho yona.
Ho lekanya sephetho sa lenaneo: Le ha mananeo ohle a hloka ho itekanyetsa tswelopele le tseo a di fihletseng, ka nako e nngwe tekanyo e thuswang ho tswa ka ntle e a hlokahala. Tekanyo e sebetsang ke ya bohlokwahadi ho ithuta ka tse etsahetseng le hona ho rerela ka moso.
Tshehetso e ntle ya theori le tshehetso ya ntshetsopele ya mokgatlo: Tshehetso ya ntshetsopele ya mokgatlo ho moamohedi wa thuso e ka hlokahala ebang tekanyo ya katleho e kgothalletsa diphetoho tsa motgheo. Ho lekanya katleho ya thuso ho lokela ho thehwa hodima tsebo e phethahetseng ya ntshetsopele ekasitana le ya tekeniki.
Ho lekanya katleho ya phano ya thuso: Matsapa a ka hare a ho lekanya katleho ya phano ya thuso e lokela ho ba karolo ya phano ya thuso. Katamelo e hlophisitsweng ya tekanyo ya katleho e tla fana ka motheo wa ho lekanya sephetho sa mananeo mme e tla beha motheo wa ho ntlafatsa diqeto tsa leano la ho fana.
Ba fumanehe
Bafani ba dithuso ba lokela ho fumaneha le ho atameleha. Ba etsa ka hohle ka moo ba ka kgonang ho arabela mehala, ho arabela boipelaetso bo ngotsweng, ho fumaneha bakeng sa dipuisano le diprojeke, le ho sebetsana le mathata.
j. Ba rerele kgonahalo ya boikemelo
Boikemelo ka mora nako ya thuso: Bafani ba dithuso ba lokela ho kgothalletsa le ho tshehetsa baamohedi ba dithuso ho iqalla bokgoni bo hlokahalang le matsapa a ho ntshetsa mokgatlo pele ka mora nako eo thuso e etswang ka yona.
Ho qoha ho hloka boikemelo: Maano le ditsela tsa tsamaiso ya phano ya thuso di lokela ho etswa ka hore di matlafatse batho le ditjhabana. Sena se ka etswa ka ho qoba katamelo e qadikaneng ya ho kgaketsa; ho etswe maano a hlophisitsweng ka hloko ao sepheo ka ona e leng ho thuso bakeng sa boikemelo ba nako e telele.
Nako ya thuso le ho kgaotsa: Ho lokela ho shebisiswa taba ya ho ntshetsa dithuso pele ho feta nako ya selemo. Ho lokela ho fanwa ka tsebiso ya nako e lekang ya ho kgaotswa ha thuso. Bafani ba dithuso ba na le boikarabelo ba ho kgothalletsa boikemelo mme be lokela ho etsa sohle se ka kgonahalang ho thusa baamohedi ba thuso ho rera hantle.
Ditjeho tsa motheo: Bafani ba dithuso ba se ke ba iphapanya ho fana ka ditjhelete bakeng sa ditjeho tdsa motheo ha ba fana ka tjhelete bakeng sa ditjeho tsa mananeo a amanang le diphetho tseo ba di labalabelang.
k. Qapa tshebetso-kopanelo
Seriti le boikgetho ba baamohedi ba thuso: Bafani ba dithuso ba lokela ho sebetsa ka tsela eo boikgetho le seriti sa mekgatlo e unang molemo di hlomphuwang ka botlalo.
Dikamano le baamohedi ba thuso di hlomphuwe ke mahlakore ka bobedi, mme e be tshebetso-kopenolo eo ho yona lehlakore ka leng le nyehelang ka mokgwa o hlalositsweng hantle tekong ya ho fihlela sepheo se kopanetsweng.
Ho ba le seabo ha setjhaba: Bafani ba dithuso ba lokela ho kgothalletsa baamohedi ho kgothalletsa baahi ho ba le seabo mananeong a ntshetsopele tikolohong tsa bona.
Dikamano tsa tshehetsano: Bafani ba dithuso ba lokela ho theha dikamano tsa tshehetsano le baamohedi ba dithuso tse tswelang pele le ho feta ho faneng ka tjhelete. Tsena di kenyelletsa ho nka boikarabelo ba ho hlabolla botsebi ba tlhahiso ya ntshetsopele, ho abelana nako, botsebi le mehlodi e meng.
l. Boitlamo ba ho ithuta
Mananeo a lokela ho lekolwa botjha kgafetsa ho ya ka maemo a fetohang a setjhaba le moruo. Mekgwatsamaiso e lokela ho ntlafatswa ho eketsa bokgoni. Bafani ba dithuso ba lokela ho ntlafatsa boleng ba maano le mokgwatsamaiso wa bona ka ho kopana kgafetsa le bafani ba bang ba dithuso, ba etse bonnete ba hore basebetsi ba bona ba kwetlisitswe hantle, le ho kgema mmoho le mekgwa ya naha le ya matjhaba ya ho fana ka dithuso.
Ho fana ka ditjhelete ka mokgwa wa tshehetso
Dilemong tse tswa feta bahlahisi, mabenkele a rekisang, le mekgatlo ya ditjhelete di se di sebetsana le ho bokelletsa matlole bakeng sa dintho tsa bohlokwa jwalo ka bana le tikoloho. Ha ba etsa jwalo ba fumana sebaka sa ho pepeseha le ho iphumanela bareki ba batjha. ?Cause-related marketing? e tsebahalang haholo Afrika Borwa e le tshehetso e fana ka monyetla wa bohlokwa wa hore mekgatlo eo e seng ya phahello e meholo le e menyenyane e sebetse mmoho ho una mahlakore ka bobedi. Sena se hlaloswa e le monyetla wa ?Win, win, win.? Kgwebo e eketsa dipalopalo tsa thekiso ya dihlahiswa kapa ditshebetletso tsa yona, kapa hona ho ntlafatsa seriti sa yona hara ba ka fetohang bareki. Mokgatlo oo e seng wa phahello e itlhahisa haholwanyane le ho fumana ditjhelete tse eketsehileng ho tswa mohloding o motjha. Setjhaba le sona se kgola ditholwana tsa ho ba le seabo letsholong leo. Dikgwebo di bona kgokahano ya tsona le ho etsetsa setjhaba molemo e le monyetla wa ho rekisa, le ho lefella letsholo leo ditekong tsa yona tsa ho batla bareki. Ka tsela ena Mekgatlo eo e seng ya phahello e kgona ho fumana tjhelete mehloding ya boraditjhelete ntle le ditekanyetsong tsa yona tsa dithuso.
Tshehetso e hlaloswa e le: Kamano eo ho yona ho unang mahlakore ka bobedi pakeng tsa boraditjhelete le mokgatlo oo e seng wa phahello, moo boraditjhelete ba batlang bareki le ho hlahisa tseo ba di rekisang mme mokgatlo oo e seng wa phahello o bokelletsang tjhelete le ho itlhahisa setjhabeng.
Sena se atisa ho bonwa sedikadikweng sa dipapadi, moo boraditjhelete ba ntshang tjhelete e ngata ka ho tshehetsa dipapadi tse kang bolo ya maoto mme bona ba hlahela haholo thelevisheneng. Molemo wa ho hlahela thelevisheneng o feta hole tjhelete eo motshehetsi a e ntshitseng, mme seo ke sona se etsang hore tshehetso e hohele borakgwebo.
Tshebetso-kopanelo tsena tsa thuso ya ditjhelete di akaretsa diketsahalo tse fapafapaneng:
Ho bapatsa, Dikamano le setjhaba le Matsholo a ho batla bareki: Dikgwebo di filwe tumello ya ho sebedisa letshwao la mokgatlo oo e seng wa phahello papatsong ya tse ngotsweng le tsa eleketeroniki.
Diperesente tsa thekiso: Mokgwa o ratwang, mme o bonolo ke wa ho fa mokgatlo oo e seng wa phahello peresente ya phahello thekisong ya sehlahiswa. Kapa peresente e nyenyane ya tshebetso ya ditjhelete ka karete ya mokitlane kappa ka tjheke e fuwa mokgatlo oo e seng wa phahello.
Ho bapatsa: Dikhamphani di kenyelletsa lebitso le letshwao la mokgatlo oo e seng wa phahello dikhuphoneng tsa tsona tsa theolelo, mme di fana ka tjhelete bakeng sa khophone ka nngwe e rekileng.
Tshehetso: Boratjhelete ba fumana ho hlahella ka ho jara ditjeho tsa diketsahalo tsa ho bokelletsa matlole.
Tshebetso-kopanelo: Dikhamphani di batla bareki ba dikarete tsa mokitlane, dipholisi tsa enshorense le dihlahiswa le ditshebeletso tse ding batshehetsing ba mokgatlo oo e seng wa phahello, mme ba fana ka peresente kappa ka tjhelete e itseng mokgatlong e le ho lefella monyetla ona.
Tshehetso ke tumellano ya kgwebo, ha se feela ketsahalo ya ho bokelletsa ditjhelete. Mokgatlo oo e seng wa phahello o hloka ho kgetha molekane kgwebong ena hantle, ho be le ho dumellana pakeng tsa mokgatlo oo e seng wa phahello le sehlahiswa kapa tshebeletso ya raditjhelete ya kgethilweng. Ho jwalo feela ka kgwebo, e tla batla mokgatlo kapa mosebetsi o tla nyalana le seriti sa yona le maikemisetso a yona a ho batla bareki. Batshehetsi ba batla ho ntlafatsa mananeo a bona a ho batla bareki ka tshebetso-kopanelo le mokgatlo oo e seng wa phahello e tla:
Eketsa dipalopalo tsa thekiso ya sehlahiswa sa bona
Ba hlahisa setjhabeng le ho ba pepesa
Bopa maqhama pakeng tsa ba ka rekang le baetapele ba setjhaba le ba etsang diqeto
Ba fa lebitso le letle setjhabeng.
Tshebetso-kopanelo ya tshehetso e atlehileng pakeng tsa boraditjhelete le mekgatlo eo e seng ya phahello e tla bonwa ka tse latelang:
Tshebetso-kopanelo e kgethilwe ka boimamelo, mme ho na le kamano e utlwahalang pakeng tsa mokgatlo oo e seng wa phahello le raditjhelete kappa sehlahiswa;
Ho hlahile kamano ya tshebetso e kgotsofatsang, ho tobokeditswe kgokahano e pepenene le ditumellano tse utlwahalang, tse ngotsweng fatshe;
Mehlodi e lekaneng (batho, nako le disebediswa) e nehetswe lenaneong, mme e tsepamiseditswe maikutlo e le ya pele;
Phuputso ya ho batla bareki (ba ka rekisetswang, setjhaba, balatedi ba mokgatlo oo e seng wa phahello) e entswe pele ho ka dumellanwa ka tshebetso-kopanelo efe kapa efe;
Tikolo e tsepamisetswang maikutlo (naha ka bophara, lebatowa kapa lehae) pakeng tsa mokgatlo oo e seng wa phahello le raditjhelete e nyadisitswe hantle;
Nako ya bophelo ba lenaneo le maikemisetso, le maraka wa raditjhelete le lebatowa la mokgatlo oo e seng wa phahello di qohollotswe hantle.
Ka mantswe a mang, sepheo sa mantlha sa tshehetso ke ho rekisa sehlahiswa haholo. Mokgatlo oo e seng wa phahello o kena tshebetso-kopanelong ka ho lekana, mme motshehetso o una molemo wa ho ipatlela bareki. Ho mokgatlo oo e seng wa phahello sepheo sa mantlha ke ho bokelletsa tjhelete e ngata ho lefella merero ya ona. Maikemisetso ana a batlang a hanyetsana a ka phela mmoho ntle le ho sitisana. Merero ya boraditjhelete e kenyelletsa merero e latelang ya ho batla bareki:
Ho rekisa ka ho tsosolosa thahasello ho: bao e seng e ntse e le bareki, ba ka rekang, bahlahisi, baphatlalatsi, barekisi le babapatsi;
Ho baka thahasello khamphaning kapa lebitsong la sehlahiswa kapa ho beha sehlahiswa hantle;
Ho tswela morero kapa setjhaba molemo ka ho ba moahi wa morui ya molemo;
Ho thabisa kapa ho baka kutlwano bareking ba sehlooho le bao e ka bang bareki ? haholoholo pakeng tsa dikhamphani tse kholo le makala kappa baemedi ba mmuso;
Ho kgothatsa ba hwebang tlasa bona, barekisi ba bona le basebeletsi.
Ditokisetso tsa tshehetso tse entsang ka molomo ha di a lekana. Tumellano ya molao e tlamang e lokela ho ngolwa e hlahisa boitlamo le tse lebelletsweng mahlakoreng ka bobedi. Tumellano e bolela seo lehlakore ka leng le lokelang ho se etsa le ho se se etse, e lokela ho tlosa pherekano le ho se utlwisise ditlhophisong. E lokelas ho etswa ho sirelletsa mokgatlo oo e seng wa phahello mmoho le raditjhelete. Mefuta ya mathata eo ditumellano di thusang ho a qoba ke:
Motshehetsi ha a a fumana pepeso eo a neng a e tshepisitswe
Letshwao la motshehetsi le ne le se boholo bo lekaneng mme le ne le le sebakeng se fosahetseng
Motshehetsi o ne a lebelletse hore mebala ya bona e tla sebediswa sephatlalatsing
Motshehetsi o ne a lebelletse hore mokgatlo oo e seng wa phahello o lefelle diphomosetsi moketjaneng wa pulo
Motshehetsi ha a a kgotsofatswa ke phatlalatso ya boraditaba kapa lebitso la bona ha le a hlahiswa
Ditumellano tsa lenaneo la tshehetso di lokela ho kenyelletsa:
Sehlooho sa ketsahalo kapa lenaneo
Matsatsi, dinako dibaka le hore ketsahalo e tla nka nako e kae
Dintlha ka botlalo mabapi le sebaka se tla fuwa motshehetsi le sa mokgatlo oo e seng wa phahello disebedisweng tse ngotsweng, boholo ba letshwao, ho beha lebitso la motshehetsi moralong wa ntlha ka nngwe
Dintlha tsa tsohle tse ngotsweng ka ho phethahala, ho kenyelletswa le diphatlalatsi, dipampitshana le mananeo tse hlahisetswang ketsahalo kapa lenaneo leo ? boholo, mebala, bongata, matsatsi a ho di romela le merero ya ho di phatlalatsa
Moralo wa boraditaba ho kenyelletswa le papatso yohle e lefellwang e nang le lebitso la motshehetsi le lesedi mabapi le mokgatlo oo e seng wa phahello; mokgwa oo motshehetsi le dihlahiswa kapa ditshebeletso tsa hae di tla hlahiswa ka ona
Tjhelete e tla lefshwa ke motshehetsi bakeng sa lenaneo kapa ketsahalo eo, hammoho le matsatsi ao ho dumellanweng ka ona a tefo
Dintlha mabapi le ditjeho tse ding tse tla lefshwa ke motshehetsi, jwalo ka papatso, tsamaiso, kgatiso, phepo, boithabiso, maeto, jj.
Tumellano ka kamohelo le tsamaiso ya baeti, ho ba thabisa, dibui, jj
Metjha e tla latelwa moo ho ka bang le boipelaetso
Polelo ya maikemisetso ho thusa motshehetsi ho fihlela maikemisetsi a bona ka ho fana ka tiisetso dife kapa dife
Polelwana e thibelang ho sireletsa mokgatlo oo e seng wa phahello ho tse ka bakwang ke maemo a neng a sa lebellwa, e ka bakang ho hlakolwa kappa ho ho tjhetjhisetswa morao
Tumellano efe kapa efe e amanang le tsena e mabapi le tsamaiso le taolo ya lenaneo kapa ketsahalo; ho sebetsa le badumellani ba ka ntle jwalo ka makala a papatso; ho rera dikopano; ho boloka direkoto; ho fana ka tlaleho ya tswelopele.
MEHLODI
DIBUKA TSE KA BALWANG
HO KENNGWA TSHEBETSONG
Mokgatlo oo e seng wa phahello kapa mmokelletsi wa matlole kapa mofani wa thuso, le ba amanang le yena ba tla ikobela melao ya bona ya tsamaiso e ntle. Ba ditulong le batho ba sebetsang boemong ba ho nka diqeto ba tla saena, ba ipapise le melawana ena, ba hlokometse hore:
Mokgatlo oo e seng wa phahello le baamani le ona:
Mokgatlo, puso, botsamaisi, le baamani le ona ba tla ikobela melawana ena ya tshebetso e ntle;
Ka ho saena melawana ena, mokgatlo o itlamela tekolo botjha ya ka hare kgafetsa le ho itshwarella ka melawana ena;
Mokgatlo, puso ya ona, botsamaisi ba ona le baamani le ona ba dumela hore ha ba ka fumanwa ba tlola melawana ena, ba tla sebetsana le maemo ka bonngwe le ka ho lokela ho ya ka molaotheo wa mokgatlo le tse hlokahalang mabapi le boingodiso ba bona.
Tshaeno ya ba ditulong
Lebitso Tshaeno
Lebitso Tshaeno
Mofani wa dithuso le baamani le yena:
o tla ikobela melawana ena;
o tla etsa hore bo be le tekolobotjha kgafetsa mokgatlong e le ho nnetefatsa hore ho ipapisitswe le melawana ena;
o tla dumela hore ebang mokgatlo o fumanwa o tlotse melawana ena ba tla sebetsana le boemo ka bong ka ho lokela ho ya ka maano le tsamaiso ya ka hare ya mokgatlo.
Tshaeno ya ba ditulong
Lebitso Tshaeno
